Lipesaleme 111:1-10

  • Rorisang Jehova ka lebaka la mesebetsi ea hae e meholo

    • Lebitso la Molimo lea halalela ebile lea tšosa (9)

    • Ho tšaba Jehova ke bohlale (10)

111  Rorisang Jah!*+ א [Aleph] Ke tla rorisa Jehova ka pelo ea ka eohle+ב [Beth] Har’a sehlopha sa batho ba lokileng le phuthehong. ג [Gimel]  2  Mesebetsi ea Jehova e meholo.+ ד [Daleth] Bohle ba e ratang ba nahanisisa ka eona.+ ה [He]  3  Lintho tseo a li entseng li ntle ’me lia halalelaו [Waw] Ebile o bontša toka ka ho sa feleng.+ ז [Zayin]  4  O etsa hore mesebetsi ea hae e hlollang e hopoloe.+ ח [Heth] Jehova o mohau ebile o na le kutloelo-bohloko.*+ ט [Teth]  5  O fa ba mo tšabang lijo.+ י [Yod] O hopola selekane sa hae ka ho sa feleng.+ כ [Kaph]  6  O bontšitse batho ba hae mesebetsi ea hae e matlaל [Lamed] Ka ho ba fa lefa la lichaba.+ מ [Mem]  7  Mesebetsi ea matsoho a hae e bonahatsa toka le ’nete.+ נ [Nun] Litaelo tsohle tsa hae lia tšepahala.+ ס [Samekh]  8  Re ka li tšepa* kamehla, hona joale le ka ho sa feleng. ע [Ayin] Li entsoe ka ’nete le toka.+ פ [Pe]  9  O lopolotse batho ba hae.+ צ [Tsade] O laetse hore selekane sa hae se lule se le teng ka ho sa feleng. ק [Qoph] Lebitso la hae lea halalela ebile lea tšosa.+ ר [Resh] 10  Mohato oa pele oa ho fumana bohlale* ke ho tšaba Jehova.+ ש [Sin] Bohle ba mamelang litaelo tsa hae baa bontša hore ba na le temoho.+ ת [Taw] O lokela ho rorisoa ka ho sa feleng.

Linaletsana

^ Kapa: “Halelujah!” “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
^ Kapa: “mosa.”
^ Kapa: “Li tiisitsoe hantle.”
^ Ka Seheberu: “Motheo oa bohlale.”