Lipesaleme 7:1-17

  • Jehova ke Moahloli ea lokileng

    • “Nkahlole hle Jehova” (8)

Koli-ea-malla* ea Davida eo a ileng a e binela Jehova ka lebaka la mantsoe a Kushe oa Mobenjamine. 7  Jehova Molimo oa ka, ke balehetse ho uena.+ Mpholose ho bohle ba ntlhorisang.+  2  Ho seng joalo ba tla nkhaola likoto joalokaha tau e etsa,+Ba tsamaee ka ’na ho se ea mpholosang.  3  Jehova Molimo oa ka haeba ho e-na le phoso eo ke e entseng,Haeba ha kea etsa lintho ka toka,  4  Haeba ke foselitse motho ea nketsetsang lintho tse molemo+Kapa haeba ke hapile thepa ea sera sa ka ntle ho lebaka,*  5  Sera se ke se ntelekise ’me se ntšoare. Se ke se hatakele bophelo ba ka fatše,Se etse hore khanya ea ka e felle leroleng. (Selah)  6  Nthuse hle Jehova, ho bontša hore u halefile. Hanyetsa lira tsa ka tse halefileng.+ Ema, u nthuse, u laele hore lintho li etsoe ka toka.+  7  Lichaba li ke li u pota-pote,U li ahlole u le sebakeng se phahameng.  8  Jehova o tla ahlola batho.+ Nkahlole hle Jehova, u bone hore na ke lokileLe hore na kea tšepahala.+  9  Ka kopo, felisa liketso tse mpe tsa ba khopo. Empa u sireletse ba lokileng+Hobane u Molimo ea lokileng,+ ea hlahlobang lipelo+ le maikutlo a ka hare-hare.*+ 10  Molimo ke thebe ea ka,+ Mopholosi oa ba lipelo li lokileng.+ 11  Molimo ke Moahloli ea lokileng+Ebile o bolela likahlolo tsa hae letsatsi le letsatsi. 12  Haeba motho leha e le ofe a sa bake,+ Molimo o leotsa sabole ea hae.+ O koba seqha sa hae ’me o se lokisetsa ho betsa.+ 13  O lokisa libetsa tsa hae tse bolaeang. O lokisa metsu ea hae e tukang.+ 14  Bonang motho ea immeng bokhopo. O emola mathata ’me o tsoala leshano.+ 15  O cheka sekoti ’me o etsa hore se tebeEmpa o oela ka har’a sekoti sona seo a se chekileng.+ 16  Mathata ao a a bakang a tla khutlela ho eena,+Lintho tse sehloho tseo a li etsang li tla khutlela ho eena. 17  Ke tla rorisa Jehova hobane o na le toka.+ Ke tla binela* lebitso la Jehova+ ea Phahameng ka ho Fetisisa+ lipina tsa thoriso.

Linaletsana

^ Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
^ Kapa mohlomong: “Empa ke pholositse motho ea khahlanong le ’na ntle ho lebaka.”
^ Kapa: “ea hlahlobang lipelo le liphio.”
^ Kapa: “letsa ’mino.”