Lipesaleme 52:1-9
Ho motsamaisi. Maskile.* Pesaleme ea Davida ha Doege oa Moedomo a tla ’me a bolella Saule hore Davida o ne a tlile ntlong ea Akimeleke.+
52 Ke hobane’ng ha u ithorisa ka liketso tsa hao tse mpe, uena ea matla?+
Lerato la Molimo le lula le le teng ka linako tsohle.+
2 Leleme la hao le bohale joaloka lehare,+Le rera lintho tse kotsi ebile le bua leshano.+
3 U rata bokhopo ho feta se molemo,U rata leshano ho feta ho bua lintho tse lokileng. (Selah)
4 U rata mantsoe ’ohle a kotsi,Uena eo leleme la hao le buang leshano.
5 Ke ka lebaka leo Molimo a tla u liha hore ho fele ka uena.+
O tla u phamola a u ntše tenteng ea hao.+
O tla u fothola naheng ea ba phelang.+ (Selah)
6 Ba lokileng ba tla bona seo ’me ba makale,+Ba tla mo tšeha.+
7 “Ke enoa motho ea neng a sa etsa Molimo setšabelo sa hae.+
O ne a tšepile maruo a hae a mangata+A bile a tšepile* maqheka a hae a bolotsana.”*
8 Ke tla ba joaloka sefate sa mohloaare se behang haholo ka tlung ea Molimo.
Ke tšepile hore Molimo o tla nthata*+ ka ho sa feleng.
9 Ke tla u rorisa ka ho sa feleng hobane u nkile bohato.+
Ke tla tšepa lebitso la hao+Ka pel’a batho ba u tšepahallang kaha le molemo.
Linaletsana
^ Kapa: “itšireletsa ka.”
^ Ka Seheberu: “litsietsi tseo a ipaketseng tsona.”
^ Kapa: “o tla ba le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.

