Lipesaleme 101:1-8

  • ’Musi ea busang ka botšepehi

    • ‘Nke ke ka mamella boikhohomoso’ (5)

    • “Ke tla amohela batho ba tšepahalang” (6)

Pesaleme ea Davida. Pina. 101  Ke tla bina pina e buang ka lerato le toka. Jehova, ke tla u binela* lipina tsa thoriso.  2  Ke etse lintho ka bohlale ’me ke tšepahale.* U tla nthusa neng? Ke tla u tšepahalla+ leha ke lutse ka tlung ea ka.  3  Nke ke ka sheba lintho tse se nang thuso.* Ke hloile liketso tsa batho ba etsang lintho tse mpe.+ Ke tla tsamaella hole le bona.*  4  Ha ke utloane le batho ba bolotsana. Nke ke ka etsa lintho tse mpe.  5  Mang kapa mang ea sebang moahisani oa hae,A mo senya lebitso,+Ke tla mo tholisa.* Nke ke ka mamella mang kapa mang ea ikhohomosang le ea ikhantšang.  6  Ke tla amohela batho ba tšepahalang lefatšeng,E le hore ba lule le ’na. Ea se nang molato* o tla ntšebeletsa.  7  Ha ho na motho ea leshano ea tla lula ka tlung ea ka. Ea leshano a ke ke a ema ka pel’a ka.*  8  Hoseng ho hong le ho hong ke tla tholisa* batho bohle ba khopo lefatšengE le hore ke felise bohle ba etsang lintho tse mpe motseng oa Jehova.+

Linaletsana

^ Kapa: “letsetsa.”
^ Kapa: “ke hloke molato.”
^ Kapa: “tse se nang molemo.”
^ Kapa: “Liketso tsa bona ha li ntšoaetse.”
^ Kapa: “felisa.”
^ Kapa: “Ea tšepahalang.”
^ Ka Seheberu: “ka pel’a mahlo a ka.”
^ Kapa: “felisa.”