Lipesaleme 21:1-13

  • Ho hlohonolofatsoa morena ea tšepang Jehova

    • Morena o fuoa bophelo bo bolelele (4)

    • Lira tsa Molimo li tla hloloa (8-12)

Ho motsamaisi. Pina ea Davida. 21  Jehova, morena o thabisoa ke matla a hao.+ O thaba haholo hobane oa mo pholosa.+  2  U mo file seo pelo ea hae e se lakatsang+Ebile ha oa mo hanela ka lintho tseo a li kopileng. (Selah)  3  U mo fa litlhohonolofatso tse ngata. U mo roesa korone ea khauta e hloekisitsoeng.+  4  O u kopile bophelo ’me oa mo fa bona,+Oa mo fa bophelo bo bolelele ka ho sa feleng.  5  O hlomphuoa haholo hobane oa mo pholosa.+ U mo fa seriti le bokhabane.  6  U mo hlohonolofatsa ka ho sa feleng.+ U etsa hore a thabe hobane u na le eena.+  7  Morena o tšepa Jehova.+ A ke ke a sisinngoa le ka mohla, ka lebaka la lerato* la ea Phahameng ka ho Fetisisa.+  8  Letsoho la hao le tla tšoara lira tsohle tsa hao. Letsoho la hao le letona le tla tšoara ba u hloileng.  9  Ha u tla u tl’o ba hlahloba ka nako eo u e behileng, u tla ba felisa joalokaha eka u ba lahlela mollong. Jehova o tla ba koenya a halefile ’me mollo o tla ba felisa.+ 10  U tla felisa litloholo* tsa bona lefatšeng,U felise bana ba bona har’a batho. 11  Ba ne ba u reretse lintho tse mpe.+ Ba lohile mano a ke keng a atleha.+ 12  U tla etsa hore ba balehe+Ka ho ba supa ka seqha.* 13  Etsa ho hong hle Jehova ’me u bontše matla a hao. Re tla u binela lithoriso ka lebaka la matla a hao.

Linaletsana

^ Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “litholoana.”
^ Ka Seheberu: “likhoele tsa seqha.”