Esaia 15:1-9
-
Phatlalatso e tobisitsoeng ho Moabe (1-9)
15 Phatlalatso e tobisitsoeng ho Moabe:+
Motse oa Are+ o Moabe o khutsitseHobane o tlatlapuoe bosiu.
Motse oa Kire+ o Moabe o khutsitseHobane o tlatlapuoe bosiu.
2 Batho ba nyolohetse Ntlong* le ho Dibone+Le libakeng tse phahameng ho ea lla.
Moabe o llela Nebo+ le Medeba.+
Hlooho e ’ngoe le e ’ngoe e kutiloe lekoroana,+ litelu tsohle li kutiloe.+
3 Ba apere lesela le hoashang* literateng tsa eona.
Kaofela ba bokolla ba le marulelong le limmarakeng tsa bona,Ba theoha ba lla.+
4 Heshbone le Eleale+ lia lla.
Mantsoe a tsona a utloahala ho ea fihla Jahaze.+
Ke kahoo masole a Moabe a ntseng a hoeletsa.
Sechaba sea thothomela.
5 Pelo ea ka e llela Moabe.
Baahi ba eona ba balehile ho ea fihla Zooare+ le Eglathe-shelishia.+
Ba lla ba ntse ba nyoloha moepa oa Luhithe.
Ha ba le tseleng e eang Horonaime, ba bokolla ka lebaka la tlokotsi.+
6 Metsi a Nimrime a pshele,Joang bo botala bo omeletse.
Joang bo felile, ha ho letho le letala le setseng.
7 Ke ka lebaka leo ba ntseng ba nka thepa ea bona e setseng le maruo a bona,Ba tšela khohlo* ea lipopoliri.
8 Mohoo o utloahala naheng eohle ea Moabe.+
Seboko sa teng se fihla Eglaime,Seboko sa teng se fihla Beere-elime.
9 Metsi a Dimone a tletse maliEmpa ke hona ke sa tla tlisa koluoa ho Dimone:
Ke tla tlisa tau ho batho ba Moabe ba phonyohilengLe ba setseng naheng.+