Esaia 46:1-13
46 Bele* oa khumama,+ Nebo* oa kotlobana.
Litšoantšo tsa tsona tse rapeloang li bofiloe holim’a liphoofolo, holim’a liphoofolo tse bofshoang+Joaloka thoto e imelang liphoofolo tse khathetseng.
2 Lia kotlobana ’me li inama ’moho.
Ha li khone ho pholosa thoto*’Me tsona ka botsona lia hapuoa.
3 “ ’Mamele, uena ntlo ea Jakobo le lona bohle ba setseng ba ntlo ea Iseraele,+Lona bao ke ba hlokometseng ho tloha ha le hlaha le bao ke ba ntšitseng ka popelong.+
4 Ke tla lula ke tšoana ho fihlela le tsofala.+
Ke tla ’ne ke le jare ho fihlela moriri oa lona o e-ba moputsoa.
Ke tla le nka, ke le jare ’me ke le pholose feela joalokaha ke ile ka etsa.+
5 Le tla ntšoantša le mang kapa le ntekanye le mang kapa le mpapise le mang+Joalokaha eka rea tšoana?+
6 Ho na le batho ba ntšang khauta e ngata lipacheng tsa bona.
Ba bekha silevera sekaleng.
Ba hira motho ea sebetsang ka tšepe ebe o etsa molimo ka silevera eo.+
Ba itihela fatše ka lifahleho, baa o rapela.*+
7 Ba phahamisetsa molimo eo mahetleng a bona,+Baa o jara, ba o behe sebakeng sa oona ebe o ikemela moo feela.
Ha o tlohe sebakeng sa oona.+
Baa o hoeletsa empa ha o arabe.
Ha o khone ho pholosa mang kapa mang tsietsing.+
8 Hopolang lintho tsena ’me le be sebete.
Li tebisetseng pelong, lona bafosi.
9 Hopolang lintho tse fetileng* tsa mehleng ea khaleHore ke ’na Molimo* ’me ha ho na Molimo e mong.
Ke ’na Molimo ’me ha ho ea tšoanang le ’na.+
10 Ke profeta qetello esale qalong’Me ho tloha khale ke bolela lintho tse e-s’o etsoe.+
Ke re, ‘Qeto* ea ka e tla phethahala ntle ho tšitiso.+
Ke tla etsa eng kapa eng eo ke e batlang.’+
11 Ke bitsa nonyana e jang nama ho tsoa bochabela,*+Ke bitsa motho ho tsoa naheng e hole hore a phethe qeto* ea ka.+
Ke e boletse ’me ke tla e phethahatsa.
Ke e entse ’me ke tla e phetha.+
12 ’Mameleng, lona ba lipelo li thata,*Lona ba hole le ho loka.
13 Ke atamelitse ho loka ha ka.
Ha ho hole’Me poloko ea ka e ke ke ea lieha.+
Ke tla pholosa Sione, ke fe Iseraele botle ba ka.”+

