Esaia 19:1-25

  • Phatlalatso e tobisitsoeng ho Egepeta (1-15)

  • Egepeta e tla tseba Jehova (16-25)

    • Aletare ea Jehova Egepeta (19)

19  Phatlalatso e tobisitsoeng ho Egepeta:+ Jehova o kaletse leru le fofang ka lebelo ’me o kena Egepeta. Melimo e se nang thuso ea Egepeta e tla thothomela ka pel’a hae,+Lipelo tsa Baegepeta li tla nyahama.   “Ke tla qabanya Baegepeta’Me ba tla loantšana,E mong le e mong o tla loantša ngoan’abo le moahisani oa hae,Motse o loantše motse, ’muso o loantše ’muso.   Baegepeta ba tla ferekana,Ke tla senya merero ea bona.+ Ba tla ipiletsa ho melimo e se nang thusoLe ho batho ba nang le tsebo ea ho laola linoha, baloi le ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.*+   Ke tla nehelana ka Baegepeta ho monghali ea thata,Morena ea khopo o tla ba busa,”+ ke Jehova oa mabotho, Morena oa ’nete ea chong joalo.   Metsi a leoatle a tla pshaLe noka e pshe ’me e ome.+   Linoka li tla nkha hampe. Metsi a melatsoana ea Nile e Egepeta a tla fokotseha ’me a pshe. Lehlaka le loli li tla bola.+   Limela tse pel’a Noka ea Nile, moo e kopanang le leoatleLe masimo ’ohle a pel’a Noka ea Nile+ ao ho jetsoeng peo ho ’ona, a tla omella.+ A tla fefoha ’me a ke ke a hlola a e-ba teng.   Batšoasi ba litlhapi ba tla lla,Bohle ba lahlelang lihuku tse tšoasang litlhapi* Nokeng ea Nile ba tla sareloaLe ba alang matlooa a tšoasang litlhapi holim’a metsi ba tla fokotseha.   Ba sebetsang ka semela sa folakse*+ e ohliloengLe ba etsang masela a masoeu ka foreimi ba tla soaba. 10  Lilohi tsa hae li tla utloa bohloko,Basebetsi bohle ba hiriloeng ba tla sareloa. 11  Likhosana tsa Zooane+ ke maoatla. Baeletsi ba bohlale ka ho fetisisa ba Faro ba fane ka keletso e sa utloahaleng.+ Ke hobane’ng ha u ka re ho Faro: “Ke setloholo sa ba bohlale,Setloholo sa marena a khale”? 12  Joale ba hokae banna ba lona ba bohlale?+ Haeba baa tseba hore na Jehova oa mabotho o rerile eng ka Egepeta, e-reng ba le bolelle. 13  Likhosana tsa Zooane li sebelitse ka booatla,Likhosana tsa Nofe*+ li thetsitsoe,Marena a maloko a hae a khelositse Egepeta. 14  Jehova o tlatsitse Egepeta ka pherekano,+Ba entse hore e khelohe linthong tsohle tseo e li etsangJoalokaha motho ea tahiloeng a thekesela ka har’a mahlatsa a hae. 15  Egepeta e ke ke ea e-ba le mosebetsi oo e ka o etsangEsita le hlooho, mohatla, letlobo kapa loli* li ke ke tsa etsa letho. 16  Letsatsing leo Egepeta e tla tšoana le basali, e thothomele e be e tšohe ka lebaka la letsoho le tšosang leo Jehova oa mabotho a le phahamisetsang eona.+ 17  Naha ea Juda e tla tšosa Baegepeta. Ba tla tšoha leha ba utloa ho buuoa ka eona feela, ka lebaka la qeto eo Jehova oa mabotho a e entseng ka bona.+ 18  Letsatsing leo, ho tla ba le metse e mehlano naheng ea Egepeta e buang puo ea Kanana+ ’me e hlapanya hore e tšepahalla Jehova oa mabotho. Motse o mong o tla bitsoa Motse o Qhaqhang. 19  Letsatsing leo, ho tla ba le aletare ea Jehova har’a naha ea Egepeta le pilara e etselitsoeng Jehova moeling oa eona. 20  E tla ba pontšo le bopaki ho Jehova oa mabotho naheng ea Egepeta. Ba tla hoeletsa ho Jehova ka lebaka la bahatelli ’me o tla ba romela mopholosi e moholo ea tla ba lopolla. 21  Jehova o tla tsebahala ho Baegepeta. Baegepeta ba tla tseba Jehova letsatsing leo, ba tla etsa mahlabelo, ba fane ka limpho, ba etse boitlamo ho Jehova ’me ba bo phethe. 22  Jehova o tla otla Baegepeta,+ a ba otle a be a ba folise. Ba tla khutlela ho Jehova, o tla utloa likopo tsa bona tse matla ’me a ba folise. 23  Letsatsing leo, ho tla ba le tsela e kholo+ e tsoang Egepeta e eang Asiria. Asiria e tla tla Egepeta le Egepeta e ee Asiria ’me Egepeta e tla sebeletsa Molimo ’moho le Asiria. 24  Ka letsatsi leo, Iseraele e tla ikopanya le Egepeta le Asiria,+ e be tlhohonolofatso lefatšeng 25  hobane Jehova oa mabotho o tla be a e hlohonolofalitse a itse: “Ho hlohonolofatsoe sechaba sa ka, Egepeta le mosebetsi oa matsoho a ka, Asiria le lefa la ka, Iseraele.”+

Linaletsana

Kapa: “mathuela.”
Kapa: “lilope.”
Mofuta oa semela o neng o lengoa mehleng ea khale ’me ho etsoa masela a line ka sona.
Kapa: “Memfise.”
Kapa mohlomong: “lekala la sefate sa palema kapa lehlaka.”