Esaia 58:1-14
58 “Hoeletsa, u se ke oa thola.
Phahamisa lentsoe joaloka lenaka.
Bolella batho ba ka borabele ba bona+Le ba ntlo ea Jakobo libe tsa bona.
2 Ba mpatla letsatsi le letsatsi,Ba bontša hore ba thabela ho tseba litsela tsa kaJoalokaha eka ke batho ba neng ba etsa lintho tse lokilengLe ba sa kang ba tlohela tsela e lokileng ea Molimo oa bona.+
Ba nkopa hore ke ahlole ka toka,Ba thabela ho atamela ho Molimo.+
3 Ba re: ‘Ke hobane’ng ha u sa bone ha re itima lijo?+
Ke hobane’ng ha u sa hlokomele ha re ikutloisa bohloko?’+
Ka re: ‘Hobane ka letsatsi la ho itima lijo le etsa lintho tse batloang* ke lona,Le hatella basebetsi ba lona.+
4 Ha le itima lijo le qetella ka liqabang le ntoa’Me le otlana ka litebele le halefile.*
Le ke ke la itima lijo ka tsela ena eaba le lebella hore mantsoe a lona a utluoe leholimong.
5 Na tsela eo ke le laetseng ho itima lijo ka eona e lokela ho ba tjee?
Na e lokela ho ba letsatsi la hore motho a itlhokofatse,A inamise hlooho ea hae joaloka loli,A robale holim’a lesela le hoashang* le molora?
Na ee ke ntho eo le e bitsang ho itima lijo le letsatsi le thabisang Jehova?
6 Che. Mokhoa oa ho itima lijo oo ke o khethang ke ona:
Ho fasolla litlamo tsa bokhopo,Ho tlamolla marapo a joko,+Ho lokolla batho ba hateletsoeng+Le ho khaola joko e ’ngoe le e ’ngoe likoto tse peli.
7 Ke ho fa ba lapileng bohobe,+Ho bulela ba hlokang mahae le bafutsana matlo a lona,Ho apesa motho ea hlobotseng ha le mo bona+Le hore le se ke la lahla bana ba bo lona.
8 Joale leseli la lona le tla khanya joaloka mafube+Le be le fole ka potlako.
Ho loka ho tla tsamaea ka pel’a lona,Khanya ea Jehova e tla ba molebeli oa lona ea ka morao.+
9 Joale le tla hoeletsa ’me Jehova o tla araba.
Le tla hoeletsa ho kopa thuso ’me o tla re: ‘Ke ’na enoa!’Haeba le tlosa joko har’a lona,Le khaotsa ho supana ka menoana le ho etselletsa,+
10 Haeba le fa motho ea lapileng ntho eo le lona le e lakatsang+Le bile le hlokomela batho ba hateletsoeng,Ha le etsa joalo leseli la lona le tla khanya lefifing,Le lefifi la lona le be joaloka leseli motšehare.+
11 Kamehla Jehova o tla le etella pele,A le khotsofatse* esita leha le le naheng e otluoeng ke komello.+
O tla le matlafatsa*’Me le tla tšoana le serapa se nosetsoang hantle,+Le tšoane le seliba se lulang se e-na le metsi.
12 Ba tla tsosolosa lithako tsa mehleng ea khale ka lebaka la lona,+Le tla tsosa metheo ea meloko ea khale,+Le bitsoe ba lokisang marako a petsohileng,+Ba tsosolosang litsela e le hore batho ba lule pel’a tsona.
13 Haeba ka lebaka la Sabatha le qoba* ho etsa lintho tseo le li ratang* ka letsatsi la ka le halalelang+’Me le bitsa Sabatha thabo ea lona, letsatsi le halalelang la Jehova, le hlomphehang,+Haeba le le hlompha ho e-na le ho etsa lintho tseo le li batlang le ho bua mantsoe a se nang thuso,
14 Joale ’na Jehova ke tla ba mohloli oa lona oa thabo.
Ke tla etsa hore le buse libaka tse phahameng tsa lefatše.+
Ke tla etsa hore le je* lefa la moholo-holo oa lona Jakobo,+Ke Jehova ea chong.”

