Esaia 42:1-25
42 Bonang mohlanka oa ka,+ eo ke mo tšehetsang.
Mokhethoa oa ka+ ea nthabisang.+
Ke mo file moea oa ka.+
O tla tlisetsa lichaba toka.+
2 A ke ke a hoeletsa kapa a phahamisa lentsoe,A ke ke a buela holimo seterateng.+
3 A ke ke a roba lehlaka le tletleraneng,A ke ke a tima khoele ea lebone le haufi le ho tima.+
O tla tšepahala a be a tlise toka.+
4 A ke ke a nyahama kapa a khathala ho fihlela a tlisitse toka lefatšeng,+Baahi ba lihlekehleke ba tla ’ne ba letele molao* oa hae.
5 Ana ke mantsoe a Molimo oa ’nete, Jehova,’Mopi oa maholimo. Ke eena E Moholo ea a otlolotseng,+Ea alileng lefatše le ea bopileng lintho tsohle tse ho lona,+Ea fang baahi ba lona moea o ba phelisang+Le bophelo ho ba phelang ho lona:+
6 “ ’Na, Jehova, ke u bitsitse ka ho loka.
Ke u tšoere ka letsoho.
Ke tla u sireletsa ’me ke fane ka uena hore u be selekane bakeng sa batho+Hape u be leseli la lichaba,+
7 Hore u tutubolle mahlo a foufetseng,+U ntše motšoaruoa teronkong e ka tlas’a mohahoLe hore ba lutseng lefifing u ba ntše ka teronkong.+
8 Ke ’na Jehova. Leo ke lona lebitso la ka.
Nke ke ka fa e mong tlhompho ea ka*Kapa ka fa litšoantšo tse betliloeng thoriso ea ka.+
9 Bonang, lintho tsa khale li etsahetse,Joale ke bolela lintho tse ncha.
Pele li hlaha, ke le bolella ka tsona.”+
10 Binelang Jehova pina e ncha,+Mo roriseng ka pina ho tloha likhutlong tsohle tsa lefatše,+Lona ba sesisang likepe leoatleng le libopuoa tsohle tse ho lona,Lona lihlekehleke le lona ba ahileng ho tsona.+
11 Lefeella le metse ea lona li ke li phahamise mantsoe a tsona,+Metsana eo Kedare+ e lulang ho eona.
Baahi ba libaka tse mafika ba ke ba hooe ka thabo.
Ba hoeletse haholo ba le ka holim’a lithaba.
12 Ba ke ba ise tlhompho ho Jehova,Ba mo rorise lihlekehlekeng.+
13 Jehova o tla tsoa joaloka mohale oa ntoa.+
O tla tšoana le mohlabani ea ikemiselitseng ho ea ntoeng.+
O tla hooa, a hlabe mokhosi oa ntoa,O tla bontša hore o matla ho feta lira tsa hae.+
14 “Esale ke khutsitse ka nako e telele.
Ke thotse, ke ithibile.
Empa ke tla bobola, ke hemesele ke be ke feheloe ka nako e le ’ngoeJoaloka mosali ea pepang.
15 Ke tla ripitla lithaba le maralla.
Ke etse hore limela tsohle tsa tsona li ome.
Ke tla fetola linoka lihlekehleke.*
Ke pshese matamo a metsi a nang le lehlaka.+
16 Ke tla tataisetsa lifofu tseleng eo li sa e tsebeng.+
Ke tla etsa hore li tsamaee tseleng eo li sa e tloaelang.+
Ke tla fetola lefifi le ka pel’a tsona leseli,+Ke fetole sebaka se matsaranka sebaka se motsitsa.+
Ke tsona lintho tseo ke tla li etsetsa lifofu ’me nke ke ka li tlohela.”
17 Ba tšepang litšoantšo tse betliloeng,Ba reng ho liemahale tsa tšepe: “Le melimo ea rona”+Ba tla khutlisoa ’me ba soabe haholo.
18 Mamelang, lona ba sa utloeng litsebeng,Shebang ’me le bone, lona ba sa boneng.+
19 Ke mang ea foufetseng haese mohlanka oa ka,Ea sa utloeng litsebeng joaloka moromuoa eo ke mo romang?
Ke mang ea foufetseng joaloka eo ke mo putsitseng,Ea foufetseng joaloka mohlanka oa Jehova?+
20 U bona lintho tse ngata empa ha u li tsotelle.
U bula litsebe empa ha u mamele.+
21 Jehova o thabetse ho holisa molao* le ho o etsa hore o hlomphehe,Molemong oa ho loka ha hae.
22 Empa batho bana ke ba tlatlapuoeng le ba nketsoeng thepa ka mahahapa,+Kaofela ha bona ba tšoasitsoe ka mekoting, ba koaletsoe teronkong.+
Ba tlatlapuoe, ha ho ea ba lopollang,+Ba nketsoe thepa ka mahahapa, ha ho ea reng: “Li khutliseng!”
23 Ke mang har’a lona ea tla utloa taba ee?
Ke mang ea tla ela hloko, a mamele ’me a ithute lintho tse tla etsahala nakong e tlang?
24 Ke mang ea nehetseng Jakobo hore e nkeloe thepa ka mahahapaLe ea nehetseng Iseraele ho ba tlatlapang?
Na ha se Jehova, eo ba mo sitetsoeng?
Ba hanne ho tsamaea litseleng tsa HaeLe molao* oa Hae ba ne ba sa o mamele.+
25 Kahoo, A ’na a tšollela khalefo ea hae ho eena,*Bohale ba hae le matla a ntoa.+
Ntoa ea timetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe pel’a hae empa ha aa ka a ela hloko.+
Mollo oa mo tukela empa ha ho letho leo a neng a le tebisetsa pelong.+

