Esaia 41:1-29
41 “ ’Mameleng le khutsitse,* lona lihlekehleke.
Lichaba li ke li boele li fumane matla.
Li ke li atamele, li bue.+
A re tleng hammoho bakeng sa kahlolo.
2 Ke mang ea phahamisitseng motho ea tsoang bochabela?*+
Ke mang ea mo bitsetsang maotong a Hae* ka ho lokaHore a mo fe lichabaLe ho etsa hore a kokobetse marena?+
Ke mang ea a hasanyang joaloka lerole ka sabole ea haeLe ea a hasanyang joaloka litlhaka tse fefoloang ke moea ka seqha sa hae?
3 Oa li lelekisa, o feta a sa thijoeLitseleng tseo a e-s’o ka a li tsamaea.
4 Ke mang ea entseng hore lintho tsee li etsahale?
Ke mang ea bitsang meloko ho tloha qalong?
’Na, Jehova, ke Oa Pele+Le ho ba ho qetela ke ntse ke tšoana.”+
5 Baahi ba lihlekehleke ba bone ’me ba tšohile.
Ba lulang lipheletsong tsa lefatše ba ile ba qala ho thothomela.
Baa ikopanya ’me baa atamela.
6 E mong le e mong o thusa motsoalle oa hae’Me o re ho ngoan’abo: “E-ba matla.”
7 Kahoo, setsebi sa mosebetsi oa matsoho se matlafatsa ea sebetsang ka tšepe.+
Ea batalatsang tšepe ka hamoreO matlafatsa ea otlelang tšepe tšetlong.*
Ea batalatsang tšepe o re: “Tšepe e lokile.”Ka mor’a moo, setšoantšo se kokoteloa ka lipekere hore se se ke sa ketoha.
8 Empa Uena Iseraele, u mohlanka oa ka,+Uena Jakobo, eo ke mo khethileng,+Setloholo* sa Abrahama motsoalle oa ka,+
9 Uena, eo ke mo nkileng lipheletsong tsa lefatše+Le uena eo ke mo bitsitseng u le likarolong tse hole ka ho fetisisa tsa lona.
Ke itse ho uena, ‘U mohlanka oa ka.+
Ke u khethile, ha kea u lahla.+
10 U se ke oa tšoha kaha ke na le uena.+
U se ke oa tšoenyeha hobane ke ’na Molimo oa hao.+
Ke tla u matlafatsa, ke tla u thusa.+
Ke tla u tšoara ka letsoho la ka le letona la ho loka.’
11 Bona! Bohle ba u halefelang ba tla soaba ’me ba tlotlolohe.+
Batho ba u loantšang ba tla timela ba fetoloe lefeela.+
12 U tla batla batho ba u loantšang empa u ke ke oa ba fumana.
Batho ba u futuhelang ba tla ba joaloka ntho e sieo, ba tla fetoha lefeela.+
13 ’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona,Ke ’na ea reng ho uena, ‘U se ke oa tšoha. Ke tla u thusa.’+
14 “U se ke oa tšoha, uena seboko* Jakobo,+Lona banna ba Iseraele, ke tla le thusa,” ke Jehova, Molopolli oa lona,+ Mohalaleli oa Iseraele ea chong.
15 “Ke u entse selei se polang,*+Sepolo se secha se bohale.
U tla hatakela lithaba u li silakanye’Me u etse hore maralla a be joaloka ’moko.
16 U tla li olosaEbe li fefoloa ke moea.
Sefefo se tla li hasanya.
U tla thaba ka lebaka la Jehova,+U ithorise ka Mohalaleli oa Iseraele.”+
17 “Bafutsana le ba sotlehileng ba batla metsi empa ha a eo.
Maleme a bona a omeletse ke lenyora.+
’Na, Jehova, ke tla ba araba.+
’Na, Molimo oa Iseraele, nke ke ka ba lahla.+
18 Ke tla etsa hore linoka li phalle holim’a maralla a se nang letho,+Ke etse liliba har’a liphula.+
Ke tla etsa hore lefeella e be letamo la metsi le nang le lehlakaLe naha e se nang metsi ke e etse liliba tsa metsi.+
19 Ke tla lema sefate sa kedare lehoatateng,Sefate sa leoka, sa mirte le sa phaena.+
Ke tla lema sefate sa junipere lehoatatengHammoho le sefate sa molora* le sefate sa kiprese+
20 E le hore batho bohle ba ka bona le ho tseba,Ba mamela ka hloko le ho utloisisaHore letsoho la Jehova le entse lintho tsena’Me Mohalaleli oa Iseraele ke eena moetsi oa tsona.”+
21 Jehova o re: “Tekang nyeoe ea lona.”Morena oa Jakobo o re: “Tekang bopaki ba lona.
22 Fanang ka bopaki ’me le re bolelle lintho tse tla etsahala.
Re bolelleng lintho tsa khale*E le hore re ka nahanisisa ka tsona* ’me ra tseba hore na li tla fella ka eng.
Kapa re bolelleng lintho tse tlang.+
23 Re bolelleng hore na ho tla etsahala’ng ka mosoE le hore re ka tseba hore le melimo.+
Etsang ho hong ebang ho hotle kapa ho hobeE le hore re ka hlolloa ha re ho bona.+
24 Ho hang ha le lethoHape ntho eo le e fihletseng ha se letho.+
Mang kapa mang ea le khethang oa nyonyeha.+
25 Ke phahamisitse e mong ea tsoang leboea ’me o tla tla,+Ea tlohang bochabela,*+ ea tla ipiletsa lebitsong la ka.
O tla hatakela babusi* joalokaha eka ke letsopa+Joaloka sebopi se hatakelang letsopa le mongobo.
26 Ke mang ea buileng ka ntho ee ho tloha qalong e le hore re ka tseba?
Kapa ea e boletseng ho tloha khale e le hore re ka re, ‘O nepile’?+Ha ho na motho ea e buileng.
Ha ho na motho ea e phatlalalitseng.
Ha ho na motho ea utloileng eng kapa eng ho lona.”+
27 Ke ne ke le oa pele oa ho re ho Sione: “Ke bana!”+Jerusalema ke tla e romella ea tlisang litaba tse monate.+
28 Empa ka ’na ka sheba ’me ho ne ho se na motho.
Ho ne ho se le ea mong har’a bona ea ka fanang ka keletso.
Ka ’na ka ba kopa hore ba arabe.
29 Kaofela ha bona ha ba na thuso.*
Mesebetsi ea bona ha se letho.
Litšoantšo* tsa bona tsa tšepe ke lefeela. Li joaloka moea ebile ha li na thuso.+
Linaletsana
^ Kapa: “Khutsang ka pel’a ka.”
^ Kapa: “bochaba-tsatsi.”
^ E leng hore a mo sebeletse.
^ Tšepe e tenya eo ho otleloang litšepe ho eona ha li betloa.
^ Ka Seheberu: “Peo.”
^ E leng ho ba ea maemong a tlase le ea sa khoneng ho itoanela.
^ Sheba Tlhaloso ea Ho pola; Seotlo.
^ Sefate se seholo se bolelele ba limithara tse 15 ha se holile. Se na le makhasi a matala le makala a ’mala o kang oa molora.
^ Ka Seheberu: “tsa pele.”
^ Kapa: “li tebisetsa pelong.”
^ Kapa: “bochaba-tsatsi.”
^ Kapa: “batlatsi ba ’musi.”
^ Kapa: “ke ntho e sieo.”
^ Kapa: “Liemahale.”

