Esaia 47:1-15

  • Babilona ea oa (1-15)

    • Balepi ba linaleli baa pepesoa (13-15)

47  Theoha ’me u lule leroleng,Uena morali oa Babilona oa moroetsana.+ Lula fatše moo ho se nang terone,+Uena morali oa Bakalde. Ha ho sa tla ba le mohla batho ba reng u khosatsana.   Nka leloala la letsoho ’me u sile phofo. Tlosa lesira la hao. Hlobola mose oa hao ’me u hlahise litlhafu. Tšela linoka.   Bofeela ba hao bo tla pepesoa. Lihlong tsa hao li tla bonoa. Ke tla iphetetsa+ ’me ha ho motho ea tla ntšitisa.*   “Lebitso la ea re lopollangKe Jehova oa mabotho,Mohalaleli oa Iseraele.”+   Lula moo ka khutso ’me u ee lefifing,Uena morali oa Bakalde.+ Ha ba sa tla hlola ba u bitsa Mofumahali oa Mebuso.*+   Ke ile ka halefela batho ba ka,+Ka silafatsa lefa la ka+Eaba ke fana ka bona letsohong la hao.+ Empa ha oa ka oa ba hauhela.+ U behile joko e boima esita le holim’a monna-moholo.+   U itse: “Ke tla lula ke le Mofumahali ho ea ho ile.”+ Ha oa ka oa tebisetsa lintho tsena pelong. Ha oa ka oa nahana ka hore na taba ena e tla qetella joang.   Joale mamela, uena ea ratang monyaka,+Ea lulang a sireletsehile, ea reng ka pelong: “Ntle ho ’na, ha ho e mong.+ Nke ke ka ba mohlolohali,Nke ke ka tseba ho lahleheloa ke bana.”+   Empa lintho tsena tse peli li tla u tlela ka tšohanyetso, ka letsatsi le le leng:+ Bohlolohali le ho lahleheloa ke bana. Li tla u tlela ka matla a maholo+Ka lebaka la* boloi ba hao bo bongata le ho betsa ka mantsoe a boloi a matla.+ 10  U ile oa tšepa bokhopo ba hao. U itse: “Ha ho na ea mponang.” Bohlale le tsebo ea hao ke tsona tse u khelositseng’Me u re ka pelong: “Ntle ho ’na, ha ho e mong.” 11  Empa u tla oeloa ke tlokotsi. U ke ke oa khona ho e thiba ka boloi. U tla oeloa ke tsietsi, u ke ke oa khona ho e qoba. Ka tšohanyetso timelo eo u sa e tsebeng e tla u oela holimo.+ 12  Kahoo, tsoela pele ka mantsoe a hao a boloi le boloi ba hao bo bongata,+Boo esale u sehla ka thata ho bona ho tloha bocheng ba hao. Mohlomong bo ka u tlisetsa katleho,Mohlomong u ka tšosa batho. 13  U khathalitsoe ke ho batla baeletsi ba bangata. Ba rapelang maholimo,* ba shebang linaleli,+Ba lepang khoeli le khoeliKa lintho tse tla u tlela,Ba ke ba tle ’me ba u pholose. 14  Bonang! Ba joaloka litlhaka. Mollo o tla ba chesa. Ba ke ke ba pholosa bophelo ba bona matleng a lelakabe. Ona ha se mollo o ka oroang’Me ana ha se mashala a ho iphuthumatsa. 15  Batho ba hao ba tšerehanyang linoha ba tla ba joalo ho uena,Bao u sehlileng le bona ho tloha bocheng ba hao. Ba tla hlahlathela, e mong le e mong a inkele tsela ea hae.* Ho ke ke ha e-ba le ea tla u pholosa.+

Linaletsana

Kapa mohlomong: “ha ho motho eo ke tla mo qenehela.”
Kapa: “Mong’a Mebuso.”
Kapa mohlomong: “Ho sa tsotellehe.”
Kapa mohlomong: “Ba arolang maholimo; Balepi ba linaleli.”
Ka Seheberu: “a ee sebakeng sa habo.”