Esaia 13:1-22

  • Kahlolo e tobisitsoeng ho Babilona (1-22)

    • Letsatsi la Jehova le haufi! (6)

    • Bamede ba tla hlola Babilona (17)

    • Babilona e ke ke ea hlola e e-ba le baahi (20)

13  Ena ke kahlolo e tobisitsoeng ho Babilona+ eo Esaia+ mora oa Amoze a e boneng ponong:  2  “Phahamisang letšoao*+ holim’a mafika. Ba bitseng, fokang matsohoHore ba kene menyako ea bahlomphehi.  3  Ke laetse bao ke ba khethileng.*+ Ke bitsitse masole a ka hore ke ntše bohale ba ka ka ’ona,Masole a ka a thabileng, a motlotlo.  4  Utloang! Ho na le letšoele lithabeng,Ho utloahala lerata la batho ba bangata. Utloang! Ho na le moferefere oa mebusoLe oa lichaba tse bokaneng.+ Jehova oa mabotho o khobokanya lebotho bakeng sa ntoa.+  5  Jehova o tla le libetsa tsa bohale ba haeHo tsoa naheng e hole,+Pheletsong ea maholimo,Ho tla timetsa lefatše lohle.+  6  Bokollang kaha letsatsi la Jehova le haufi. Le tla tla joaloka timetso e hlahang ho Ea Matla ’Ohle.+  7  Ke ka lebaka leo matsoho ’ohle a tla tepella’Me motho e mong le e mong a tšohe.*+  8  Batho ba tšohile.+ Ba tsitsipane ebile baa opeloaJoaloka mosali ea bohlokong ba pelehi. Ba shebana ba tšohile. Lifahleho tsa bona li hloname.  9  Letsatsi la Jehova lea tla,Le tla ka sehloho, ka khalefo le ka bohale bo tukangE le ho etsa hore naha e be ntho e tšosang+Le ho felisa baetsalibe ba naha eo. 10  Linaleli tsa maholimo le lihlopha tsa tsona*+Li ke ke tsa khanya. Letsatsi le tla fifala ha le hlaha,Le khoeli e ke ke ea khantša leseli la eona. 11  Ke tla etsa hore lefatše le arabelle bobe ba lona+Le ba khopo ba arabelle sebe sa bona. Ke tla felisa boikakaso ba ba iketelletsang pele,Ke kokobetse boikhohomoso ba bahatelli.+ 12  Ke tla etsa hore motho a sokolehe ho feta khauta e hloekisitsoeng,+Le batho ba sokolehe ho feta khauta ea Ofire.+ 13  Ke ka lebaka leo ke tla etsa hore leholimo le thothomele’Me lefatše le tla reketla le tlohe malulong a lona+Ka lebaka la khalefo ea Jehova oa mabotho letsatsing la bohale ba hae bo tukang. 14  Joaloka tšephe e tsongoang le joaloka mohlape oo ho se nang motho ea o bokellang,E mong le e mong o tla khutlela sechabeng sa habo. E mong le e mong o tla balehela naheng ea habo.+ 15  Mang kapa mang ea fumanoang o tla hlajoa,Mang kapa mang ea tšoaroang o tla bolaoa ka sabole.+ 16  Bana ba bona ba tla robokelloa ka pel’a mahlo a bona.+ Thepa e ka matlung a bona e tla nkoa ka mahahapaLe basali ba bona ba tla betoa. 17  Ke ba tlisetsa Bamede,+Ba sa tsotelleng bohlokoa ba sileveraLe ba sa khahloeng ke khauta. 18  Liqha tsa bona li tla robakanya bahlankana.+ Ba ke ke ba hauhela banaKapa ba ba utloela bohloko. 19  Babilona, e ntle ka ho fetisisa har’a mebuso,*+Ke botle le khanya ea Bakalde.*+ E tla tšoana le Sodoma le Gomora ha Molimo a ne a li felisa.+ 20  E ke ke ea hlola e e-ba le baahiEbile ha ho na moloko o sa tla lula moo.+ Moarabia a ke ke a hloma tente ea hae mooLe balisa ba ke ke ba bothisa mehlape ea bona moo. 21  Liphoofolo tsa lehoatata li tla robala teng. Matlo a tla tlala liphooko. Limpshe li tla lula teng,+Lipoli tse hlaha* li tlola-tlole teng. 22  Liphoofolo li tla lla* li le litoreng tsa eona,Liphokojoe li hlabe moolo li le matlong a eona a borena a matle. Nako ea eona e haufi ’me matsatsi a eona a ke ke a eketsoa.”+

Linaletsana

^ Kapa: “palo.”
^ Ka Seheberu: “ba halalelitsoeng ba ka.”
^ Ka Seheberu: “Pelo ea motho e mong le e mong e tla qhibiliha ke letsoalo.”
^ Ka Seheberu: “tsa linaleli tsa Kesile.” Mohlomong mona ho buuoa ka sehlopha sa linaleli se bitsoang Makolobe le tse ling tse se pota-potileng.
^ Ke batho ba neng ba lula Babilonia.
^ Kapa: “mokhabiso oa mebuso.”
^ Kapa mohlomong: “bademona ba nang le sebopeho sa poli.”
^ Mona ho buuoa ka ha li hlaba moolo.