Esaia 10:1-34
10 Ho malimabe ba etsang melao ea tsamaiso e kotsi+Le ba lulang ba ngola melao e hatellang,
2 E le hore ba hanele bafutsana ka litokelo tsa bona tsa molaoLe hore bafutsana ba har’a sechaba sa ka, ba ba sebeletse ka ho hloka toka+Hore ba nke thepa ea bahlolohaliLe hore ba tlatlape likhutsana.*+
3 Le tla etsa’ng letsatsing leo le fumanang kotlo,*+Ha timetso e tla e tsoa hole?+
Le tla balehela ho mang ho fumana thuso+’Me le tla siea maruo* a lona hokae?
4 Ha ho letho le tla etsahala haese hore motho a kokobele har’a batšoaruoaKapa hore a oele har’a ba bolailoeng.
Ka lebaka la lintho tsena, Molimo oa tuka ke bohaleEbile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+
5 O re: “Bonang Moasiria,+Ke molamu oo ke o sebelisang ho ntša bohale ba ka,+Ke sebelisa lere le matsohong a hae ho fana ka kotlo.
6 Ke tla mo romela hore a loantše sechaba sa bakoenehi,+A hlasele batho ba nkhalefisitseng.
Ke tla mo laela hore a ba tlatlape, a hape thepa ea bona e ngata,A ba hatakele joaloka seretse literateng.+
7 Empa a ke ke a batla ho etsa joalo,Pelo ea hae e ke ke ea rera ka tsela ena.
Ka pelong ea hae o rerile ho timetsaLe ho felisa lichaba tse ngata eseng tse fokolang”
8 Hobane o re,‘Na likhosana tsa ka ha se marena kaofela?+
9 Na Kalno+ ha e tšoane le Karkemishe?+
Na Hamathe+ ha e tšoane le Arpade?+
Na Samaria+ ha e tšoane le Damaseka?+
10 Ke hapile mebuso ea melimo e se nang thuso ka matla a ka,Mebuso eo litšoantšo tsa eona li neng li le ngata ho feta tse Jerusalema le Samaria.+
11 Ntho eo ke e entseng ho Samaria le melimo ea hae e se nang thuso,Ke tla e etsa le ho Jerusalema le litšoantšo tsa hae.’+
12 “Ha Jehova a qeta mosebetsi oohle oa hae Thabeng ea Sione le Jerusalema, O* tla otla morena oa Asiria hobane oa tella ebile oa ikhohomosa.+
13 Hape morena oa Asiria o re,‘Ke tla etsa joalo ka matla a kaLe ka bohlale ba ka hobane ke bohlale.
Ke tla tlosa meeli ea lichaba,+Ke tla li nkela matlotlo ka mahahapa,+Ke lihe baahi joaloka ea matla.+
14 Ke tla nka maruo a lichaba ka matla a kaJoalokaha motho a kenya letsoho ka har’a sehlaha.
Ke tla bokella ntho e ’ngoe le e ’ngoe lefatšengJoalokaha motho a bokella mahe a setseng lepalapaleng.
Ho ke ke ha e-ba le ea phuphutsang mapheo kapa ea ahlamisang molomo kapa ea llang joaloka nonyana.’”
15 Na selepe se tla iphahamisetsa motho ea rathang ka sona?
Na sakha e tla iphahamisetsa motho ea sakhang ka eona?
Na lere+ le ka tsokotsa motho ea le phahamisang?
Kapa na molamu o ka phamisetsa motho holimo empa a sa etsoa ka patsi?
16 Ka hona Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho,O tla otisa batho ba hae ba nonneng*+’Me o tla besa mollo o tla chesa khanya ea Asiria.+
17 Khanya ea Iseraele+ e tla fetoha mollo+’Me Mohalaleli oa eona e be lelakabe.
O tla tuka o chese litlama-tlama tsa hae le lihlahla tsa hae tsa meutloa ka letsatsi le le leng.
18 Molimo o tla felisa botle ba moru oa hae le ba tšimo ea hae ea lifate.
Ho tla tšoana le ha motho ea kulang a ntse a fokola butle-butle.+
19 Lifate tse ling kaofela tsa moru oa haeLi tla ba nyenyane hoo moshanyana a tla khona ho li bala.
20 Letsatsing leo, ba setseng ba IseraeleLe ba phonyohileng ba ntlo ea JakoboHa ba sa tla hlola ba itšetleha ka ea ba otlileng+Empa ba tla itšetleha ka Jehova,Mohalaleli oa Iseraele, ka botšepehi.
21 Ho tla khutla ba setseng feela.
Ba setseng ba Jakobo ba tla khutlela ho Molimo ea Matla.+
22 Le hoja batho ba haoBa le joaloka lehlabathe la leoatle, uena Iseraele,Ho tla khutla ba seng bakae feela har’a bona.+
Qeto ea ho felisa batho ba hao e se e entsoe+’Me toka* e tla ba tlela joaloka sekhohola.+
23 Qeto e entsoeng ke ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho, ea ho felisa batho ba haoE tla phethahatsoa naheng eohle.+
24 Ka hona ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho, o re: “Lona sechaba sa ka se lulang Sione, le se ke la tšaba Baasiria ba neng ba le shapa ka thupa+ le ba neng ba le phahamisetsa lere la bona joalokaha Egepeta e entse.+
25 Ka mor’a nakoana e seng kae, khalefo ea ka e tla fela. Bohale ba ka bo tla kokobela ha ba se ba timelitsoe.+
26 Jehova oa mabotho o tla ba tsokela sephali+ joalokaha a ne a hlola Midiane lefikeng la Orebe.+ Lere la Hae le tla ba holim’a leoatle ’me o tla le phahamisa joalokaha a ile a etsa ho Egepeta.+
27 Letsatsing leo mojaro oa Baasiria o tla tloha lehetleng la hao*+Le joko ea bona e tlohe molaleng oa hao.+
Joko e tla robeha+ ka lebaka la oli.”
28 Ba futuhetse Ajathe,+Ba fetetse pele Migrone,Ba beha thoto ea bona Mikmashe.+
29 Ba fetile lelibohong,Ba robala Geba,+Rama ea thothomela, Gibea+ ea Saule e balehile.+
30 Bokolla ’me u hoeletse, morali oa Galime.
Hlokomela, uena Laisha.
Uena Anathothe,+ u otla pelo.
31 Madmena o balehile.
Baahi ba Gebime ba balehetse moo ho sireletsehileng.
32 Ka letsatsi lona lena, o tla ema Nobe.+
O tsokela baahi ba thaba ea Sione setebeleE leng leralla la Jerusalema.
33 Morena oa ’nete, Jehova oa mabotho,O roba makala ’me o etsa lerata le tšabehang.+
Lifate tse telele ka ho fetisisa lia rengoaLe tse phahameng lia kokobetsoa.
34 O rema lifate tsa moru o teteaneng ka selepe*’Me Lebanone e tla lihuoa ke ea matla.

