Esaia 38:1-22
38 Mehleng eo, Ezekiase a kulela lefu.+ Eaba moprofeta Esaia+ mora oa Amoze o fihla ho eena o re, “Jehova o re: ‘Fana ka litaelo ho ba lelapa la hao hobane u ke ke oa fola empa u tla shoa.’”+
2 Eaba Ezekiase o sheba leboteng ’me o rapela Jehova o re:
3 “Kea u kopa hle Jehova, ke kopa u hopole+ kamoo ke u sebelelitseng ka botšepehi kateng le ka pelo eohle+ ’me ke etsa lintho tse u thabisang.” Ezekiase a lla habohloko.
4 Joale Jehova a re ho Esaia:
5 “Khutla ’me u re ho Ezekiase,+ ‘Jehova Molimo oa moholo-holo oa hao Davida o re: “Ke utloile thapelo ea hao.+ Ke bone meokho ea hao.+ Kahoo, ke eketsa bophelo* ba hao ka lilemo tse 15.+
6 Ke tla u pholosa hammoho le motse ona ho morena oa Asiria ’me ke tla sireletsa motse ona.+
7 Lena ke letšoao le tsoang ho Jehova le bontšang hore Jehova o tla phethahatsa seo a se buileng:+
8 Ke tla etsa hore moriti oa letsatsi o ntseng o theoha ho ea tlase litepising* tsa Akaze o khutlele morao ka mehato e leshome.”’”+ Eaba moriti oa letsatsi o khutlela morao ka mehato e leshome litepising moo o neng o theohile.
9 Tsena ke litaba tse ngotsoeng ke Ezekiase morena oa Juda, ka mor’a hore a kule a be a fole:
10 Ke itse: “Pele ke tsofalaKe tla kena likeiting tsa Lebitla.*
Ke tla amohuoa lilemo tsa ka tse setseng.”
11 Ke itse: “Nke ke ka bona Jah,* eena Jah naheng ea ba phelang.+
Ha ke sa tla hlola ke sheba bathoHa ke e-na le baahi ba naha e se nang bophelo.
12 Bophelo ba ka bo lihuoe ’me bo tlositsoe+Joaloka tente ea molisa.
Ke phuthile bophelo ba ka joaloka seroki se rokang ka foreimi.
Molimo o nkhaola joaloka likhoele tse theosang tsa lesela.
O ntse a nqeta* ho tloha motšehare ho fihlela bosiu.+
13 Ke khoba matšoafo ho fihlela hoseng.
O ntse a roba masapo a ka joaloka tau,U ntse u nqeta ho tloha motšehare ho fihlela bosiu.+
14 Ke lla joaloka lehaqasi kapa serobele,*+Ke ntse ke kuruetsa joaloka leeba.+
Mahlo a ka a sheba leholimong a khathetse.+
Jehova, ke imetsoe haholo,Ntšehetse.+
15 Ke tla re’ng?
O buile le ’na a ba a nka bohato.
Ke tla tsamaea ke ikokobelitse bophelo bohle ba kaKa lebaka la mahlomola a ka.*
16 ‘Jehova, e mong le e mong o phela ka lintho tsena,*Kea phela ka lebaka la tsona.
U tla mpusetsa bophelong bo botle ’me u mpoloke ke phela.+
17 Ke fumane mahlomola a mangata ho e-na le khotsoEmpa kaha oa nthata,U mpholositse sekoting sa timetso.+
U lahletse libe tsohle tsa ka ka mor’a hao.*+
18 Lebitla* le ke ke la u tlotlisa,+Lefu le ke ke la u rorisa.+
Ba theohelang ka sekoting ba ke ke ba hlola ba bona botšepehi ba hao.+
19 Ba phelang ke bona feela ba ka u rorisang,Feela joalokaha nka etsa letsatsing lena.
Ntate a ka fa bana ba hae tsebo malebana le botšepehi ba hao.+
20 Jehova, mpholose.
Re tla letsa lipina tsa ka ka liletsa tse likhoele+Ka matsatsi ’ohle a bophelo ba rona ka tlung ea Jehova.’”+
21 Esaia a re: “Tlisang mangangajane a lifeie* ’me le a tlotse lethopeng e le hore a ka fola.”+
22 Ezekiase o ne a ile a re: “Ke letšoao lefe le tla bontša hore ke tla ea ntlong ea Jehova?”+
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “matsatsi.”
^ Mohlomong li ne li sebelisetsoa ho supa nako ka ho sheba moriti.
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ “Jah” ke khutsufatso ea lebitso Jehova.
^ Kapa: “mphelisa.”
^ Kapa mohlomong: “motlathomo.”
^ Kapa: “bohloko ba moea oa ka.”
^ E leng mantsoe a Molimo le liketso tsa hae.
^ Kapa: “U tlositse libe tsohle tsa ka mahlong a hao.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “lifeiga.”

