Esaia 63:1-19

  • Jehova o iphetetsa ho lichaba (1-6)

  • Lerato leo Jehova a le bontšitseng nakong e fetileng (7-14)

  • Thapelo ea batho ba bakileng (15-19)

63  Ke mang enoa ea tsoang Edomo,+Ea tsoang Bozra+ a apere liaparo tse ’mala o khanyang,*Enoa eo liaparo tsa hae li hlomphehang? Ha a tsamaea, oa bonahala hore o na le matla a maholo. “Ke ’na, ea buang lintho tse lokileng,Ea nang le matla a maholo a ho pholosa.”  2  Ke hobane’ng ha liaparo tsa hao li le khubelu? Ke hobane’ng ha liaparo tsa hao li tšoana le tsa motho ea tlhotlang morara ho etsa veine?*+  3  “Ke hataketse bate ea veine ke le mong. Ha ho na motho ea tsoang lichabeng eo ke neng ke e-na le eena. Ka ’na ka hatakela lira tsa ka ke halefile,+Ka li hatakela ke loloma ke khalefo. Liaparo tsa ka li ne li qaphalelitsoe ke mali a bona. Ke tlotsitse liaparo tsa ka kaofela.  4  Ke entse qeto ea ho tlisa letsatsi la phetetso,+Selemo sa hore batho ba ka ba lopolloe se fihlile.  5  Ha ke qamaka, ho ne ho se na motho ea nthusang. Ka makatsoa ke hore ebe ha ho na motho ea ntšehetsang.+ Kahoo, ka tlisa poloko* ka letsoho la ka,Ka tšehetsoa ke khalefo ea ka.  6  Ka ’na ka hatakela lichaba ke halefile,Ka li taha ka khalefo ea ka,+Ka qhalla mali a tsona fatše.”  7  Ke tla bua ka lintho tse bontšang mohau oa Jehova,Liketso tsa Jehova tse lokeloang ke thoriso,Ka lebaka la tsohle tseo Jehova a re etselitseng tsona,+Lintho tse ngata tseo a li etselitseng ba ntlo ea IseraeleHo ea ka mohau le lerato la hae le leholo.  8  O itse: “Ruri ke batho ba ka, bana ba tla ntšepahalla.”*+ Kahoo, ea e-ba Mopholosi oa bona.+  9  Nakong ea mahlomola ’ohle a bona le eena o ile a hlomoha.+ Moromuoa oa hae* o ile a ba pholosa.+ Ka lerato le qenehelo o ile a ba lopolla+Eaba oa ba phahamisa le ho ba hlokomela lilemo tseo kaofela.+ 10  Empa ba mo fetohela+ ’me ba utloisa moea oa hae o halalelang bohloko.+ Eaba o fetoha sera sa bona,+A ba loantša.+ 11  Batho ba Molimo ba hopola mehleng ea khale,Mehleng ea mohlanka oa hae Moshe: “O kae Ea ba ntšitseng leoatleng+ hammoho le balisa ba batho ba hae?+ O kae Ea theoletseng moea oa Hae o halalelang holim’a Moshe?+ 12  O kae Ea neng a tšehelitse Moshe ka letsoho la Hae le matla,*+Ea arotseng metsi ka pel’a bona+Ho etsa hore lebitso la hae le lule le hopoloa ho ea ho ile?+ 13  O kae ea etsang hore ba tsamaee har’a leoatle le tebileng*E le hore ba tsamaee ba sa khoptjoe ke lethoJoaloka pere thoteng? 14  Feela joalokaha liphoofolo li theohela phuleng ho ea phomola,Moea oa Jehova o ile oa ba phomotsa.”+ U ile oa etella batho ba hao pele ka tsela eoE le hore u iketsetse lebitso le hlomphehang.*+ 15  Sheba fatše u le leholimong ’me u bone. U shebe u le moo u lulang, sebakeng se phahameng sa khalalelo le botle.* Ke hobane’ng ha u se u sa chesehe le ho bontša matla a hao? E kae kutloelo-bohloko ea hao,+ o kae mohau oa hao?+ U re hanetse ka tsona. 16  U Ntate oa rona,+Le hoja Abrahama a ke ke a re tsebaLe Iseraele a ke ke a re lemoha,Jehova, ke uena Ntate oa rona. Lebitso la hao ke Molopolli oa rona oa ho tloha khale.+ 17  Jehova, ke hobane’ng ha u re tlohela* hore re khelohe litsela tsa hao? Ke hobane’ng ha u tlohela* lipelo tsa rona hore li thatafale ’me re se ke ra u tšaba?+ Molemong oa bahlanka ba hao, batho bao e leng lefa la hao,Re hauhele hape.+ 18  Batho ba hao ba halalelang ba ile ba rua naha ka nakoana. Bahanyetsi ba rona ba hataketse sehalalelo sa hao.+ 19  Ho tloha khale re bile joaloka bao u sa kang oa ba busa le ka mohlaLe joaloka bao ho seng mohla ba kileng ba bitsoa ka lebitso la hao.

Linaletsana

^ Kapa mohlomong: “mofubelu tlere!”
^ Ka Seheberu: “ka sehatelong.”
^ Kapa: “tlholo.”
^ Kapa: “ba ke keng ba ntsoa tlase.”
^ Kapa: “Lengeloi le tlang ka pel’a sefahleho sa hae.”
^ Kapa: “Ea isitseng letsoho la Hae le letle letsohong le letona la Moshe.”
^ Kapa: “metsi a bilohang.”
^ Kapa: “letle.”
^ Kapa: “tlhompho.”
^ Kapa: “etsa.”
^ Ka Seheberu: “etsa.”