Esaia 50:1-11

  • Libe tsa Iseraele li baka mathata (1-3)

  • Mohlanka oa Jehova ea mamelang (4-11)

    • Leleme le tsebe ea ba rutehileng (4)

50  Jehova o re: “Le kae lengolo la tlhalo+ la ’me oa lona, eo ke mo tebetseng? Bana, na ke le rekisitse hobane ke e-na le sekoloto? Le rekisitsoe ka lebaka la liphoso tsa lona.+ ’Mè oa lona o tebetsoe ka lebaka la libe tsa lona.+   Ke hobane’ng ha ho ne ho se na motho ha ke fihla? Ke hobane’ng ha ho ne ho se na motho ea arabang ha ke hoeletsa?+ Na letsoho la ka ha le na matla a ho lopollaKapa na ha ke na matla a ho pholosa?+ Ke pshesa leoatle ka khalemelo ea ka e matla.+ Ke etsa hore linoka e be lehoatata.+ Litlhapi tsa tsona lia bola hobane metsi aa fokola’Me li bolaoa ke lenyora.   Ke apesa maholimo lefifi,+Ke a koahela ka lesela le hoashang.”*   Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o rupetse leleme la ka*+E le hore ke tsebe ho araba* ea khathetseng ka mantsoe a nepahetseng.*+ O ntsosa hoseng ho hong le ho hong,O tsosa tsebe ea ka hore e mamele joaloka ba rutehileng.+   Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o butse tsebe ea ka,Ha kea mo hanyetsa.+ Ha kea ka ka sheba lehlakoreng lesele.+   Ke ile ka fana ka mokokotlo oa ka ho ba nkotlang,Ka fana ka marama a ka ho ba ntlhothang litelu. Ha kea ka ka pata sefahleho sa ka ha ke tlotlolloa le ha ke tšoeloa ka mathe.+   Empa Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o tla nthusa.+ Ke ka lebaka leo nke keng ka tlotloloha. Ke ka lebaka leo ke ikemiselitseng ho tiea.*+ Kea tseba hore nke ke ka soaba.   Ea bolelang hore ke lokile o haufi. Ke mang ea ka nqosang?*+ A re eme ’moho* bakeng sa kahlolo. Ke mang ea batlang ho nkisa khotla? A ke a tle ho ’na.   Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o tla nthusa. Ke mang ea tla phatlalatsa hore ke molato? Kaofela ha bona ba tla ba joaloka seaparo se felileng,Se jeoeng ke tšoele.* 10  Ke mang har’a lona ea tšabang Jehova,Ea mamelang lentsoe la mohlanka oa Hae?+ Ke mang ea tsamaileng lefifing le letšo-letšo, moo ho se nang khanya? A ke a tšepe lebitso la Jehova ’me a itšetlehe ka Molimo oa hae. 11  “Bonang! Lona bohle ba hotetsang mollo,Ba etsang hore litlhase li tlole,Tsamaeang khanyeng ea mollo oa lona,Har’a litlhase tseo le li hotelitseng. Le tla fumana kotlo ena ho tsoa letsohong la ka: Le tla robala le le bohlokong bo boholo.

Linaletsana

Ka Seheberu: “o mphile leleme la ba rutehileng.”
Ka Seheberu: “ka lentsoe.”
Kapa mohlomong: “matlafatsa.”
Ka Seheberu: “Ke entse hore sefahleho sa ka se be joaloka lejoe le thata.”
Kapa: “ntoantšang.”
Kapa: “A re shebane.”
Kapa: “ ’moto.”