Esaia 36:1-22

  • Sankeribe o hlasela Juda (1-3)

  • Rabshake o nyefola Jehova (4-22)

36  Ha Morena Ezekiase a e-na le lilemo tse 14 a busa, Sankeribe morena oa Asiria+ a hlasela metse eohle ea Juda e sirelelitsoeng ka thata ’me a e hapa.+  Eaba morena oa Asiria o roma Rabshake*+ le lebotho le leholo la sesole ho tsoa Lakishe+ hore ba ee Jerusalema ho Morena Ezekiase. Ba ile ba ema pel’a kotopo ea letamo le ka holimo,+ tseleng e kholo e eang moo motho ea hlatsoang a sebetsang teng.+  Joale Eliakime+ mora oa Hilkia ea neng a hlokometse ba ntlo ea morena,* mongoli Shebna+ le motlalehi Jooa mora oa Asafe ba ea ho eena.  Kahoo, Rabshake a re ho bona: “Ke kopa le re ho Ezekiase, ‘Morena e moholo, morena oa Asiria o re: “U tšepile’ng?+  U ipoleletse hore u na le leqheka le matla a ho loana empa mantsoe ao ha a na thuso. Ebe u tšepile mang ha u le sebete sa ho mphetohela tjee?+  U tšepile hore u tla itšetleha ka Egepeta, lehlaka le robehileng, le ka hlabang la ba la phunya seatla sa motho ea ka itšetlehang ka lona. Faro morena oa Egepeta, o joalo ho bohle ba mo tšepang.+  Haeba u re le tšepile Jehova Molimo oa lona, na ha se uena Ezekiase ea ileng a tlosa libaka tse phahameng le lialetare+ tsa hae eaba u re batho ba Juda le ba Jerusalema ba khumame ka pel’a aletare e Jerusalema?”’+  Joale ke kopa u etse tumellano ena le khosi ea ka morena oa Asiria:+ Ke tla u fa lipere tse 2 000 haeba u ka li fumanela bapalami.  Le hoja Egepeta e ka le fa likariki tsa ntoa le bapalami ba lipere, le ke ke la hlola esita le letona la boemo bo tlase la morena oa rona. 10  Na u nahana hore ke hlasetse naha ee ntle ho tumello ea Jehova? Jehova ke eena ea itseng ke hlasele naha ena ’me ke e felise.” 11  Eliakime, Shebna+ le Jooa ba re ho Rabshake:+ “Re kopa u bue le rona ka puo ea Searame* hobane rea e utloisisa. U se ke oa bua le rona ka puo ea Bajuda+ hobane batho ba lerakong ba ntse ba utloa.”+ 12  Empa Rabshake a re: “Le nahana hore moren’a ka o nthometse ho bolella lona le morena oa lona feela mantsoe aa? O nthomme le ho banna ba lutseng holim’a lerako. Ba tla ja mantle a bona le ho noa mosese* oa bona ’me le lona le tla etsa joalo.” 13  Rabshake a ema ’me a hoeletsa ka puo ea Bajuda+ a re: “Mamelang mantsoe a morena e moholo, morena oa Asiria.+ 14  Morena o re, ‘Le se ke la lumella Ezekiase ho le thetsa hobane a ke ke a khona ho le pholosa.+ 15  Hape, le se ke la lumella Ezekiase ho etsa hore le tšepe Jehova+ ha a re: “Jehova o tla re pholosa ’me motse ona o ke ke oa felisoa ke morena oa Asiria.” 16  Le se ke la mamela Ezekiase kaha ’na morena oa Asiria ke re: “Bopang khotso le ’na ’me le inehele* e le hore kaofela le ka ja lifateng tsa lona tsa morara le tsa feie* le be le noe metsi a liliba tsa lona, 17  ho fihlela ke tla ’me ke le isa naheng e tšoanang le ea lona,+ e nang le koro* le veine e ncha, bohobe le lirapa tsa morara. 18  Le se ke la khelosoa ke Ezekiase ha a re, ‘Jehova o tla re lopolla.’ Na ho na le sechaba seo molimo oa sona a kileng a se pholosa ho morena oa Asiria?+ 19  E kae melimo ea Hamathe le Arpade?+ E kae melimo ea Sefarvaime?+ Na e ile ea pholosa Samaria ha ke ne ke e hlasela?+ 20  Ke molimo ofe har’a melimo eohle ea linaha tsee ea ileng a pholosa naha ea hae ha ke e hlasela, hoo le nahanang hore Jehova a ka pholosa Jerusalema?”’”+ 21  Ba thola tu! eaba ha ba mo arabe hobane Morena Ezekiase o ne a itse ba se ke ba mo araba.+ 22  Eliakime mora oa Hilkia, ea neng a hlokometse ba ntlo ea morena* le mongoli Shebna+ le motlalehi Jooa mora oa Asafe ba tla ho Ezekiase ba tabotse liaparo tsa bona ’me ba mo bolella hore na Rabshake o itse’ng.

Linaletsana

Rabshake ke tlotla eo ofisiri e kholo ea Asiria e neng e bitsoa ka eona. E bolela ‘mookameli oa baqhatsetsi.’
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “Sesiria.”
Kapa: “moroto.”
Ka Seheberu: “Etsang selekane le ’na ’me le be ka lehlakoreng la ka.”
Kapa: “feiga.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “phaleisi.”