Esaia 23:1-18

  • “Phatlalatso e tobisitsoeng ho Tire” (1-18)

23  Phatlalatso e tobisitsoeng ho Tire:+ Bokollang, lona likepe tsa Tarshishe.*+ Kou e sentsoe, ha ho sa kenoa le teng. E senotsoe naheng ea Kitime.+  2  Tholang, lona baahi ba lebopo la leoatle. Le ruisitsoe ke bo-rakhoebo ba tsoang Sidone+ ba tšelang leoatle.  3  Koro* ea Shihore*+ e tšelisitsoe metsi a mangataHammoho le lijo tse kotutsoeng tsa Nile, letlotlo la Tire,E etselitse lichaba chelete.+  4  Soaba, uena Sidone sebaka se sireletsehileng sa leoatleHobane leoatle le itse: “Ha kea ba le bohloko ba pelehi ’me ha kea beleha,Hape ha kea hlokomela bahlankana kapa ho holisa baroetsana.”+  5  Batho ba tla utloa bohloko haholo ka lebaka la tlaleho e buang ka Tire+Feela joalokaha ba ile ba bo utloa ka lebaka la tlaleho e buang ka Egepeta.+  6  Tšelelang Tarshishe! Bokollang, lona baahi ba lebopo la leoatle.  7  Na ke motse oa lona oo o neng o thabile ho tloha khale, ho tloha mehleng ea oona ea pele? Maoto a baahi ba oona a ne a ba isa linaheng tse hole hore ba lule teng.  8  Ke mang ea entseng qeto ee ka Tire,Tire ea khethang marena,Eo bo-rakhoebo ba hae e neng e le likhosana,Eo bo-rakhoebo ba hae ba neng ba hlomphuoa lefatšeng lohle?+  9  Jehova oa mabotho o entse qetoEa ho felisa botle ba hae le boikhohomoso ba haeLe ho tlotlolla bohle ba neng ba hlomphuoa lefatšeng lohle.+ 10  Hasana har’a linaha joaloka Noka ea Nile, uena morali oa Tarshishe. Ha ho sa na sebaka seo likepe li etsoang ho sona.*+ 11  Molimo o otlolletse letsoho holim’a leoatle. O sisintse mebuso. Jehova o laetse hore libaka tse sireletsehileng tsa Foenisia li timetsoe.+ 12  O re: “U ke ke oa hlola u thaba,+Uena ea hateletsoeng, morali oa Sidone oa moroetsana. Ema, u tšelele Kitime.+ Le hona teng u ke ke oa phomola.” 13  Bonang naha ea Bakalde.+ Ke Bakalde eseng Baasiria+Ba mo* fetotseng sebaka sa liphoofolo tse hlaha. Ba emisitse litora tsa bona tse thibellang,+Ba helelitse matlo a hae a borena,Ba mo etsa lithako. 14  Bokollang, lona likepe tsa TarshisheKaha sebaka sa lona se sireletsehileng se felisitsoe.+ 15  Ho tloha letsatsing leo, Tire o tla lebaloa ka lilemo tse 70,+ tse lekanang le lilemo tsa bophelo* tsa morena a le mong. Qetellong ea lilemo tse 70, Tire o tla tšoana le letekatse le hlahang pineng ena: 16  “Nka harepa, u potolohe motse, uena letekatse le lebetsoeng. Letsa harepa ea hao ka boqhetseke,Bina lipina tse ngataE le hore ba u hopole.” 17  Qetellong ea lilemo tse 70, Jehova o tla hopola Tire. E tla qala ho fumana moputso hape ’me e etse botekatse le mebuso eohle ea lefatše. 18  Empa phaello ea eona le moputso oa eona o tla fetoha ntho e halalelang ho Jehova. E ke ke ea bolokoa kapa ea behoa hobane moputso oa eona e tla ba oa ba lulang ka pel’a Jehova e le hore ba je ba khore ’me ba apare liaparo tse ntle.+

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “Peo; Lijo-thollo.”
^ E leng nokana e tsoang Nokeng ea Nile.
^ Kapa mohlomong: “kou.”
^ E ka ’na eaba mona ho buuoa ka Tire.
^ Ka Seheberu: “matsatsi.”