Esaia 2:1-22
2 Ena ke ntho eo Esaia mora oa Amoze a ileng a e bona e neng e tla etsahalla Juda le Jerusalema:+
2 Matsatsing a ho qetela,*Thaba eo ntlo ea Jehova e leng ho eonaE tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhoro tsa lithaba,+E phahamele maralla.
Lichaba tsohle li tla phallela ho eona.+
3 Lichaba tse ngata li tla ea ebe li re:
“Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova,Ntlong ea Molimo oa Jakobo.+
O tla re ruta litsela tsa haeEbe re tsamaea litseleng tsa hae.”+
Molao o tla tsoa SioneLe lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.+
4 O tla ahlola har’a lichaba,A lokise litaba lichabeng tse ngata.
Ba tla etsa lisabole tsa bona mehoma,Ba etse marumo a bona likere tse kutang limela.+
Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole,Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+
5 Tloong lona ba ntlo ea Jakobo,Re tsamaeeng leseling la Jehova.+
6 Molimo, u furaletse batho ba hao, ba ntlo ea Jakobo+Kaha ba nkile meetlo e mengata ea Bochabela.
Ba sebelisa boselamose+ joaloka BafilistaEbile ba lula le balichaba ba bangata.
7 Naha ea bona e tletse silevera le khauta,Matlotlo a bona a mangata haholo.
Naha ea bona e tletse lipereLe likariki tsa bona li ngata haholo.+
8 Naha ea bona e tletse melimo e se nang thuso.+
Ba inamela mosebetsi oa matsoho a bona,O entsoeng ka menoana ea bona.
9 Baa inama ’me baa tlotloloha,U ke ke oa ba tšoarela.
10 Kenang ka lefikeng ’me le ipate lerolengKa lebaka la ho tšaba matla a Jehova,Boholo ba hae le khalalelo ea hae.+
11 Motho ea ikhohomosang o tla theoleloa tlase,Batho ba ikhohomosang ba tla kokobetsoa.
Ke Jehova feela ea tla phahamisoa letsatsing leo.
12 Leo ke letsatsi la Jehova oa mabotho.+
Le tlela bohle ba ikhohomosang le ba phahamengLe bohle, ebang ba maemong a holimo kapa a tlase,+
13 Le likedare tsohle tsa Lebanone tse holimo le tse phahamengLe lifate tsa ouku* tsa Bashane.
14 Le lithaba tsohle tse phahamengLe maralla ’ohle a phahameng.
15 Le litora tsohle tse phahameng le marako ’ohle a tiileng.
16 Le likepe tsohle tsa Tarshishe+Le likepe tsohle tse ntle.
17 Motho ea ikhohomosang o tla theoleloa tlase,Batho ba ikhohomosang ba tla kokobetsoa.
Ke Jehova feela ea tla phahamisoa letsatsing leo.
18 Melimo e se nang thuso e tla felisoa ka ho feletseng.+
19 Batho ba tla kena ka mahahengLe ka mekoting+Ka lebaka la ho tšaba matla a Jehova,Boholo ba hae le khalalelo ea hae.+
Ha a nka khato lefatše le thothomela ke tšabo.
20 Letsatsing leo, batho ba tla nka melimo ea bona e se nang thuso ea silevera le khauta,Eo ba neng ba iketselitse eona hore ba e inamele.
Ba tla e akhella litoeba le bo-’mankhane+
21 E le hore ba kene ka mekoting ea mafikaBa ipate ka mapatsong a mafika,Ka lebaka la ho tšaba matla a Jehova,Boholo ba hae le khalalelo ea hae.
Ha a nka khato lefatše le thothomela ke tšabo.
22 Le se ke la tšepa mothoEa phelisoang feela ke ho hema.*
U ka mo tšepa joang?
Linaletsana
^ Kapa: “Karolong e qetellang ea matsatsi.”
^ Kapa: “eike.”
^ Kapa: “Eo phefumoloho ea hae e leng linkong tsa hae.”