Esaia 4:1-6

  • “Basali ba supileng ba tla tšoara monna a le mong” (1)

  • “Lijalo tseo Jehova a li melisang li tla atleha” (2-6)

4  Letsatsing leo, basali ba supileng ba tla tšoara monna a le mong+ ba re: “Re tla ipatlela bohobe,Re ipatlele le liaparo. Re ikopela feela hore re bitsoe ka lebitso la haoE le hore re tlosoe sekhobo.”*+ 2  Letsatsing leo, lijalo tseo Jehova a li melisang li tla atleha ’me li tlokome. Baphonyohi ba Iseraele ba tla thaba le ho ba motlotlo ka litholoana tsa naha.+ 3  Mang kapa mang ea setseng Sione le ea siiloeng Jerusalema o tla nkoa a halalela, bohle ba Jerusalema ba ngotsoeng lethathamong la ba tla phela teng.+ 4  Ha Jehova a hlatsoa litšila* tsa barali ba Sione+ ’me a tlosa mali* Jerusalema ka moea oa kahlolo le moea o chesang,*+ 5  Jehova o tla boela a etse leru le mosi motšehare le khanare ea mollo bosiu,+ hohle Thabeng ea Sione le sebakeng sa eona seo ho kopaneloang ho sona. Ho tla ba le tšireletso sebakeng sohle se khanyang. 6  Ho tla ba le lephephe le tla etsa moriti motšehare ha letsatsi le chesa,+ e be setšabelo le sebaka sa ho ipatela lifefo le lipula.+

Linaletsana

^ Ke ho tlotlolloa ka lebaka la ho se nyaloe le ho se be le bana.
^ Ka Seheberu: “mantle.”
^ Kapa: “tšollo ea mali.”
^ Kapa: “hloekisang.”