Esaia 45:1-25

  • Saeruse o khetheloa hore a hape Babilona (1-8)

  • Letsopa le ke ke la phehisa sebopi khang (9-13)

  • Lichaba li tla tseba Iseraele (14-17)

  • Molimo o bopile lintho tsohle ebile o phethahatsa seo a se buang (18-25)

    • Lefatše le etselitsoe hore batho ba lule ho lona (18)

45  Ana ke mantsoe ao ’na Jehova ke a boleletseng motlotsuoa oa ka, Saeruse,+Eo ke tšoereng letsoho la hae le letona+Hore ke hlole lichaba ka pel’a hae+Le hore ke amohe marena matla,*Ke bule ka pel’a hae menyako e nang le mamati a mabeliE le hore likeiti li se ke tsa koaloa:   “Ke tla tsamaea ka pel’a hao,+Ke tla batalatsa maralla. Ke tla roba mamati a koporo likoto,Ke pome le mekoallo ea tšepe.+   Ke tla u fa matlotlo a har’a lefifiLe matlotlo a patiloeng khocheletsaneng+E le hore u ka tseba hore ke ’na Jehova,Molimo oa Iseraele, ea u bitsang ka lebitso.+   Molemong oa mohlanka oa ka Jakobo le oa Iseraele mokhethoa oa ka,Ke u bitsa ka lebitso. Ke u fa lebitso le hlomphehang le hoja u ne u sa ntsebe.   Ke ’na Jehova, ha ho e mong. Ha ho Molimo ntle ho ’na.+ Ke tla u fa matla* le hoja u ne u sa ntsebe,   E le hore batho ba ka tsebaHo tloha bochabela ho ea bophirimela*Hore ha ho e mong ntle ho ’na.+ Ke ’na Jehova ’me ha ho e mong.+   Ke tlisa leseli+ le lefifi,+Ke bopa khotso+ ’me ke baka tlokotsi.+ ’Na, Jehova, ke etsa lintho tsena tsohle.   Lona maholimo, etsang hore ho loka ho theohe joaloka pula+Le maru a ke a nese ho loka. Lefatše le ke le bulehe le hlahise litholoana tsa poloko,Le hlahise le ho loka ka nako e tšoanang.+ ’Na, Jehova, ke entse lintho tsena.”   Ho malimabe ea phehisang ’Mopi oa hae* khangHobane ke leqhetsoana feelaHar’a maqhetsoana a mang a lijana tsa letsopa a lahletsoeng fatše. Na letsopa le ka re ho Sebopi:* “U etsa’ng?”+ Kapa na mosebetsi oa hao o ka re: “Ha a na matsoho”?* 10  Ho malimabe ea reng ho ntate: “U ntate oa eng?” Le ho ’mè: “U beleha eng?”* 11  Jehova, Moetsi le Mohalaleli oa Iseraele,+ o re: “Na le ka mphehisa khang ka lintho tseo e leng hona li tla etsahalaLe ho ntaela hore na ke etse’ng ka bana ba ka+ le mesebetsi ea matsoho a ka? 12  Ke entse lefatše+ ka ba ka bopa motho.+ Ke otlolotse maholimo ka matsoho a ka+’Me ke laela makhotla ’ohle a ’ona.”+ 13  “Ke susumelitse motho ho nka khato ka ho loka,+Ke tla otlolla litsela tsohle tsa hae. Ke eena ea tla haha motse oa ka+Le ho lokolla batho ba ka botlamuoeng+ ntle ho tefo kapa tjotjo,”+ ke Jehova oa mabotho ea chong. 14  Jehova o re: “Phaello* ea Egepeta le thepa e rekisoang* ea Ethiopia, le Basabea, banna ba balelele,Ba tla tla ho uena ’me e tla ba ba hao. Ba tla tsamaea ka mor’a hao ba tlanngoe ka liketane. Ba tla tla, ba u inamele.+ Ba tla u rapela ba re, ‘Kannete Molimo o na le uena+’Me ha ho e mong, ha ho Molimo e mong.’” 15  Kannete u Molimo ea patang litsela tsa hae,Molimo oa Iseraele, Mopholosi.+ 16  Kaofela ha bona ba tla soabisoa ’me ba tlotlolloe. Baetsi ba litšoantšo tse rapeloang ba tla tloha ba soabile kaofela.+ 17  Empa Jehova o tla pholosa Iseraele ka ho sa feleng.+ Le ke ke la soabisoa kapa la tlotlolloa ho ea ho ile.+ 18  Ana ke mantsoe a Jehova,’Mopi oa maholimo,+ Molimo oa ’nete,Ea entseng lefatše, Moetsi oa lona ea le tiisitseng ka thata,+Ea sa kang a le bopela lefeela* empa a le etselitse hore batho ba lule ho lona:+ “Ke ’na Jehova ’me ha ho e mong. 19  Ha kea bua ke le sebakeng se patehileng,+ sebakeng se lefifi. Ha kea re ho litloholo* tsa Jakobo,‘Leha le ka mpatla, le tla be le mpatlela lefeela.’ Ke ’na Jehova, ea buang lintho tse nepahetseng* le ea phatlalatsang ’nete.+ 20  Bokanang ’me le tle. Atamelang ’moho, lona baphonyohi ba tsoang lichabeng.+ Ba tsamaeang ba nkile litšoantšo tse betliloeng ha ba tsebe letho,Ba rapela molimo ea ke keng a ba pholosa.+ 21  Ba ke ba* etse tlaleho ea bona, ba teke nyeoe ea bona,Ba rerisane hammoho ba entse ngatana-’ngoe. Ke mang ea ileng a profeta lintho tsee ho tloha khale,A li phatlalatsa ho tloha linakong tse fetileng? Na ha se ’na, Jehova? Ha ho Molimo e mong haese ’na. Ke Molimo ea lokileng le Mopholosi,+ ha ho e mong ntle le ’na.+ 22  Sokolohelang ho ’na ’me le pholosoe,+ lona likhutlo tsohle tsa lefatšeHobane ke ’na Molimo ’me ha ho e mong.+ 23  Ke hlapantse ka ’na,Lentsoe le tsoile molomong oa ka ka ho loka’Me le tla fela le phethahale:+Motho e mong le e mong o tla nkhumamela,Motho e mong le e mong o tla ikana hore o tla ntšepahalla+ 24  A re, ‘Ruri Jehova o lula a etsa lintho tse lokileng ’me o matla. Bohle ba mo halefelang ba tla tla ka pel’a hae ba soabile. 25  Ka Jehova, litloholo* tsohle tsa Iseraele li tla fumanoa li lokile,+Li tla ithorisa ka Eena.’”

Linaletsana

Ka Seheberu: “ke tlamolle linyepa mathekeng a marena.”
Ka Seheberu: “tlamella haufi-ufi.”
Kapa: “Ho tloha bochaba-tsatsi ho ea bophirima-tsatsi.”
Kapa: “Ea mo entseng.”
Kapa: “Ea le bopileng.”
Kapa mohlomong: “Kapa na letsopa le ka re: ‘Mosebetsi oa hao ha o na mehele’?”
Kapa: “U bohlokong ba pelehi bakeng sa eng?”
Kapa mohlomong: “Basebetsi.”
Kapa mohlomong: “bo-rakhoebo.”
Kapa mohlomong: “hore le sale le se na letho.”
Kapa: “lokileng.” Sheba Tlhaloso, “Ho Loka.”
Ka Seheberu: “peo.”
Kapa mohlomong ho buuoa ka batho ba ‘lichaba.’
Ka Seheberu: “peo.”