Esaia 18:1-7
-
Molaetsa oa ho ahloloa ha Ethiopia (1-7)
18 Ho malimabe naha e tletseng molumo oa mapheo a likokoanyana a phuphuselang,Naha e linokeng tsa Ethiopia.+
2 E romela baromuoa ka leoatle,Ka likepe tsa loli holim’a metsi, e re:
“Tsamaeang, lona baromuoa ba lebelo,Le ee sechabeng sa batho ba balelele, ba letlalo le boreleli,Ho batho ba tšajoang hohle,+Sechaba se matla, se hlolang,*Seo naha ea sona e hohotsoeng ke linoka.”
3 Lona baahi bohle ba naha le lona baahi ba lefatše,Le tla bona ntho e joaloka letšoao* le phahamisitsoeng lithabeng,Le tla utloa molumo o tšoanang le oa lenaka le letsitsoeng.
4 Jehova o itse ho ’na:
“Ke tla lula ke sa khathatsoe ’me ke shebe sebaka sa ka*Joaloka mocheso le khanya ea letsatsi,Joaloka phoka nakong ea kotulo ha ho chesa.
5 Pele ho kotulo,Ha lithunthung li felile le palesa e fetoha morara o butsoang,Letlobo le tla khaoloa ka sekere se kutang lifateLe makala a ithatelang a tla tlosoa, a khaoloe.
6 Kaofela a tla sieloa linonyana tsa lithaba tse jang namaLe libata tsa lefatše.
Linonyana tse jang nama li tla qeta lehlabula li ntse li a jaLe libata tsohle tsa lefatše li tla qeta nako ea kotulo li ntse li a ja.
7 Ka nako eo, Jehova oa mabotho o tla tlisetsoa mphoE tsoang sechabeng sa batho ba balelele, ba letlalo le boreleli,*Batho ba tšajoang hohle,Sechaba se matla, se hlolang,*Seo naha ea sona e hohotsoeng ke linoka,Ho e isa sebakeng se jereng lebitso la Jehova oa mabotho, Thabeng ea Sione.”+

