Esaia 24:1-23

  • “Jehova o horula naha” (1-23)

    • Jehova ke Morena Sione (23)

24  Jehova o horula naha* ’me o e fetola sebaka se se nang letho.+ Oa e thulamisa*+ ’me o hasanya baahi ba eona.+   Batho kaofela ba tla hlaheloa ke ntho e tšoanang: Sechaba hammoho le moprista,Mohlanka le mong’a hae,Lekhoba le mong’a lona oa mosali,Moreki le morekisi,Motho ea alimang le motho ea alingoang,Motho ea kolotoang le motho ea kolotang.+   Naha e tla horuloa e sale e se na letho,E tla tlatlapuoa ho fihlela e se na letho+Hobane Jehova o chulo joalo.   Naha e utloile bohloko,*+ e ntse e fela. Naha e mobu o motle ea pona, e ntse e senyeha. Bahlomphehi ba naha baa tepella.   Naha e silafalitsoe ke baahi ba eona+Kaha ha ba natse melao,+Ba fetotse molao oa tsamaiso,+Ba tlotse selekane sa khale-khale.*+   Ke ka lebaka leo thohako e jeleng naha+Le ba ahileng ho eona ba nkoang ba le molato. Ke ka lebaka leo palo ea baahi ba naha e ntseng e fokotseha. Ho setse batho ba ’maloa feela.+   Veine e ncha ea fofa, sefate sa morara sea pona+Le bohle ba lipelo li nyakaletseng baa feheloa.+   ’Mino oa meropa e menyenyane o felile,Lerata la batho ba nyakaletseng le khaolitseLe molumo o monate oa harepa o felile.+   Ba noa veine ho se na pina,Joala bo babela ba bo noang. 10  Motse o tlohetsoeng o sentsoe,+Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e koetsoe hore ho se ke ha e-ba le ea ka kenang. 11  Ba llela veine literateng. Menyaka eohle e felile,Thabo ea naha e felile.+ 12  Motse o siiloe e le lithako,Keiti e lihiloe ’me e entsoe qubu ea majoe.+ 13  Batho ba ka ba tla ba tjena lefatšeng har’a lichaba: Ba tla tšoana le mohloaare o salang ha ho hlohloroa sefate+Le morara o salang ka mor’a hore ho kotuloe.+ 14  Ba tla phahamisa mantsoe,Ba hoeletse ba thabile. Ho tloha leoatleng,* ba tla bolela boholo ba Jehova.+ 15  Ke ka lebaka leo ba tla tlotlisa Jehova ka bochabela,*+Lihlekehlekeng tsa leoatle ba tlotlise lebitso la Jehova Molimo oa Iseraele.+ 16  Re utloa lipina lipheletsong tsa naha: “Tlotla* e ke e isoe ho Ea Lokileng.”+ Empa ke re: “Ke felile, ke felile! Ho malimabe ’na! Balotsana ba sebelitse ka bolotsana. Balotsana ba sebelitse ka bolotsana.”+ 17  Tšabo, likoti le lifi li u emetse uena moahi oa naha.+ 18  Mang kapa mang ea balehang molumo o tšosang o tla oela ka sekoting’Me mang kapa mang ea nyolohang ka sekoting o tla tšoasoa ke sefi.+ Likhoro tsa moroallo tse holimo li tla buleloaLe metheo ea naha e tla reketla. 19  Naha e phatlohile,Naha e sisintsoe,Naha ea reketla.+ 20  Naha e thekesela joaloka motho ea tahiloeng,E ea pele le morao joaloka lephephe ha ho le moea. E imetsoe ke sebe sa eona+’Me e tla oa hoo e ke keng ea boela ea phahama. 21  Letsatsing leo, Jehova o tla ahlola lebotho le holimoLe marena a lefatše. 22  Ba tla bokelloa ’mohoJoaloka batšoaruoa ba bokeletsoeng ka sekotingEbe ba koalloa teronkong. Ka mor’a matsatsi a mangata ba tla ahloloa.* 23  Khoeli e tolokileng e tla soaba,Letsatsi le chabileng le tla hlajoa ke lihlong+Hobane Jehova oa mabotho ke Morena+ Thabeng ea Sione+ le Jerusalema. O khanya ka pel’a banna ba baholo ba batho ba hae.*+

Linaletsana

Ka Seheberu: “O e sotha sefahleho.”
Kapa: “lefatše.”
Kapa mohlomong: “ea omella.”
Kapa: “ka ho sa feleng.”
Kapa: “bophirimela.”
Kapa: “sebakeng sa khanya.”
Kapa: “Mokhabiso.”
Ka Seheberu: “eloa hloko.”
Ka Seheberu: “ka pel’a baholo ba hae.”