Esaia 55:1-13

  • Batho ba memeloa ho tla ja le ho noa mahala (1-5)

  • Batlang Jehova le lentsoe la hae le tšepahalang (6-13)

    • Litsela tsa Molimo li phahametse tsa batho (8, 9)

    • Lentsoe la Molimo le tla atleha (10, 11)

55  Tloong, lona bohle ba nyoriloeng.+ Tloong metsing.+ Lona ba se nang chelete, tloong le reke ’me le je. Tloong, le reke veine le lebese+ ntle ho chelete le ntle ho tefo.+   Ke hobane’ng ha le ntse le ntša chelete bakeng sa ntho eo e seng bohobe? Ke hobane’ng ha le sebelisa mokholo oa lona* bakeng sa ntho e sa le khotsofatseng? ’Mameleng ka hloko ’me le je lijo tse nang le phepo.+ Le tla thaba haholo ka lebaka la lijo tse matlafatsang e le kannete.*+   Mamelang ka hloko* ’me le tle ho ’na.+ Mamelang ’me le tla lula le phela,Hang-hang ke tla etsa selekane se sa feleng le lona+Tumellanong le lerato la sebele leo ke le tšepisitseng Davida. Tšepiso ena e tla phethahala.*+   Ke mo entse paki+ lichabeng,Moeta-pele+ le molaoli+ oa lichaba.   U tla bitsa sechaba seo u sa se tsebeng. Batho ba sechaba se sa kang sa u tseba ba tla mathela ho uenaKa lebaka la Jehova Molimo oa hao,+ Mohalaleli oa IseraeleHobane o tla u tlotlisa.+   Batlang Jehova ha a sa ntse a fumaneha.+ Mo bitseng ha a sa ntse a le haufi.+   Motho ea khopo a tlohele tsela ea hae,+A tlohele ho nahana bokhopo. A ke a khutlele ho Jehova, ea tla mo hauhela,+A khutlele ho Molimo oa rona hobane o tla mo tšoarela ka pelo eohle.*+   Jehova o re: “Menahano ea ka ha e tšoane le menahano ea lona,+Litsela tsa lona ha li tšoane le litsela tsa ka.   Joalokaha maholimo a phahametse lefatše,Litsela tsa ka le tsona li phahametse litsela tsa lonaLe menahano ea ka e phahametse menahano ea lona.+ 10  Feela joalokaha pula le lehloa li theoha leholimong,Li sa khutlele teng li e-s’o nosetse lefatše le ho etsa hore le be le lihlahisoa ’me le hlomeleLe hore le hlahisetse mojali peo le batho ba fumane lijo, 11  Lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka le tla ba joalo.+ Le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana.+ Le tla fela le etse eng kapa eng eo ke e ratang*+’Me joang kapa joang le tla atleha nthong eo ke le rometseng hore le e etse. 12  Lona batho ba ka, le tla tloha le thabile,+Le tla khutlisoa ka khotso.+ Lithaba le maralla li tla nyakalla ka pel’a lona, li hoeletse li thabile.+ Lifate tsohle tsa naha li tla opa liatla.+ 13  Ho tla hlaha sefate sa junipere ho e-na le lihlahla tse meutloa.+ Ho tla hlaha sefate sa mirte ho e-na le bobatsi. Liphetoho tsena li tla tumisa* Jehova,+E tla ba letšoao le ke keng la felisoa.”

Linaletsana

Kapa: “chelete eo le e sebelelitseng ka thata.”
Ka Seheberu: “ka lebaka la ho nona.”
Kapa: “ea tšepahala.”
Ka Seheberu: “Sekehang litsebe.”
Kapa: “ka bolokolohi.”
Kapa: “eo e leng thato ea ka.”
Kapa: “tsebahatsa.”