Esaia 39:1-8

  • Baromuoa ba tsoang Babilona (1-8)

39  Ka nako eo, Merodake-baladane morena oa Babilona, mora oa Baladane a romela mangolo le mpho ho Ezekiase+ hobane o ne a utloile hore Ezekiase o ile a kula empa o folile.+ 2  Ezekiase a amohela baromuoa ba morena a thabile* eaba o ba bontša ntlo ea hae ea matlotlo:+ Silevera, khauta, oli ea balsame le lioli tse ling tsa bohlokoa, moo a neng a beha lihlomo tsohle tsa hae le lintho tsohle tse neng li ka fumanoa matlotlong a hae. Ha ho letho leo Ezekiase a sa kang a ba bontša lona ka tlung* ea hae le pusong eohle ea hae. 3  Ka mor’a moo, moprofeta Esaia a fihla ho Morena Ezekiase a re: “Banna baa ba itse’ng? Ba tsoa hokae?” Ezekiase a re: “Ba tsoa hole naheng ea Babilona.”+ 4  Esaia a re: “Ba bone’ng ka tlung* ea hao?” Ezekiase a re: “Ba bone ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka tlung* ea ka. Ha ho letho leo ke sa ba bontšang lona matlotlong a ka.” 5  Esaia a re ho Ezekiase: “Utloa hore na Jehova oa mabotho o re’ng, 6  Jehova o re:+ ‘Matsatsi aa tla ao ka ’ona sohle se ka tlung* ea hao le sohle seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babilona. Ha ho letho le tla sala.+ 7  Ba bang ba bara ba hao bao u tla ba le bona ba tla nkoa ’me e be balaoli ba lekhotla phaleising ea morena oa Babilona.’”+ 8  Ezekiase o re ho Esaia: “Molaetsa oo u o buileng o tsoang ho Jehova oa utloahala.” A boela a re: “Ho tla ba le khotso le khutso* ha ke ntse ke phela.”*+

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “a ba thabela.”
^ Kapa: “phaleising.”
^ Kapa: “phaleising.”
^ Kapa: “phaleising.”
^ Kapa: “phaleising.”
^ Kapa: “ ’nete.”
^ Ka Seheberu: “matsatsing a ka.”