Esaia 64:1-12

  • Thapelo ea batho ba bakileng e tsoela pele (1-12)

    • Jehova ke “Sebopi sa rona” (8)

64  Hoja u ile oa hahola maholimo, oa theohaE le hore lithaba li sisinyehe ka lebaka la hao.  2  Joalokaha mollo o chesa lihotetsoO bile o etsa hore metsi a beleJoale lira tsa hao li ne li tla tseba lebitso la haoLe lichaba li ne li tla thothomela ka pel’a hao.  3  Nakong eo u neng u etsa lintho tse hlollang tseo re neng re ke ke ra li lebella,+U ile oa theoha eaba lithaba lia sisinyeha ka pel’a hao.+  4  Ho tloha mehleng ea khale ha ho motho ea utloileng kapa ea mametsengKapa ea boneng Molimo e mong ntle ho uena,Molimo ea thusang batho ba lulang ba mo lebeletse.*+  5  U kopane le ba thabelang ho etsa lintho tse lokileng,+Ba u hopolang ’me ba latela litsela tsa hao. U ile oa halefa ha re ntse re etsa sebe,+Re se entse ka nako e telele. Na re lokela ho pholosoa?  6  Kaofela re joaloka motho ea sa hloekang,Liketso tsohle tsa rona tse lokileng li tšoana le lesela le litšila.*+ Kaofela re tla omella joaloka lekhasi,Liphoso tsa rona li tla re fefola joaloka moea.  7  Ha ho na ea ipiletsang lebitsong la hao,Ha ho na ea etsang boiteko ba hore a u batle le ho u tšoara ka tieo. U re patetse sefahleho sa hao.+ U etsa hore re felloe ke matla* ka lebaka la liphoso tsa rona.  8  Empa Jehova, u Ntate oa rona.+ Re letsopa ’me u Sebopi sa rona.*+ Kaofela ha rona re mosebetsi oa matsoho a hao.  9  Jehova, u se ke oa halefa haholo.+ U se ke oa lula u hopola liphoso tsa rona. Ka kopo, hopola hore kaofela re sechaba sa hao. 10  Metse ea hao e halalelang e fetohile lithako. Sione e fetohile lithako,Jerusalema ke hlathe.+ 11  Tempele* ea rona e halalelang, e hlomphehang,*Eo baholo-holo ba rona ba u roriselitseng ho eona,E chesitsoe ka mollo+’Me lintho tsohle tsa bohlokoa li senyehile. 12  Jehova, na u tla ’ne u hane ho re thusa le tlas’a maemo aa? Na u tla ’ne u thole ’me u lumelle hore re hlorisoe hampe tjee?+

Linaletsana

^ Kapa: “ba mo letetse ka mamello.”
^ Kapa: “lesela la ho ilela khoeli.”
^ Ka Seheberu: “re qhibilihe.”
^ Kapa: “ke uena ea re bopileng.”
^ Kapa: “Ntlo.”
^ Kapa: “e ntle.”