Esaia 28:1-29
28 Ho malimabe korone* e ikhohomosang ea matahoa a Efraime+Le thunthung e ponang ea botle ba eona bo khanyang,E qalong ea khohlo e nonneng ea ba tahiloeng ke veine.
2 Jehova o na le motho ea matla.
O tla betsetsa korone eo fatšeJoaloka sefako le sealuma, sefefo se senyang,Joaloka sefefo se tlang ka sealuma le moroallo o matla o tšolohang.
3 Likorone tse ikhohomosang tsa matahoa a EfraimeLi tla hatakeloa ka maoto.+
4 Palesa e ponang ea botle ba eona bo khanyangE qalong ea phula e nonneng,E tla tšoana le feie* ea pele e butsoang pele lehlabula le thoasa.
Ha motho a e bona, o e koenya hang ha e fihla ka letsohong la hae.
5 Ka letsatsi leo, Jehova oa mabotho e tla ba korone e hlomphehang le korone e ntle ea lipalesa ho ba setseng sechabeng sa hae.+
6 Hape o tla susumetsa ea ahlolang hore a ahlole ka toka, e be mohloli oa matla ho ba thibang lira keiting.+
7 Baprista le baprofeta ba tsoile tseleng ka lebaka la veine.
Joala ba bona bo etsa hore ba thekesele.
Moprista le moprofeta ba tsoile tseleng ka lebaka la joala.
Veine ea ba ferekanya,Joala ba bona bo etsa hore ba thekesele.
Pono ea bona ea ba khelosa,Baa khoptjoa ha ba etsa qeto.+
8 Litafole tsa bona li tletse mahlatsa,Ha ho na sebaka se se nang ’ona.
9 Ba re: “Ke mang eo a tla mo ruta?
Ke mang ea tla mo hlalosetsa molaetsa?
Na ke ba sa tsoa khoesoa,*Ba sa tsoa tlohelisoa letsoele?
10 Ke ‘taelo holim’a taelo, taelo holim’a taelo,Molao holim’a molao, molao holim’a molao,*+Hanyenyane mona, hanyenyane mane.’”
11 Kahoo, Molimo o tla sebelisa batho ba lehoelea* le ba buang puo e fapaneng ho bua le batho bana.+
12 O kile a re ho bona: “Sena ke sebaka sa phomolo. Ea tepeletseng a phomole. Sena ke sebaka sa boiketlo” empa ba hana ho mamela.+
13 Kahoo, ho bona lentsoe la Jehova e tla ba:
“Taelo holim’a taelo, taelo holim’a taelo,Molao holim’a molao, molao holim’a molao,*+Hanyenyane mona, hanyenyane mane”E le hore ha ba tsamaea,Ba khoptjoe ba oe ka mokokotlo,Ba robehe, ba tšoasehe ba be ba tšoaroe.+
14 Ka hona, utloang lentsoe la Jehova, lona baithorisi,Lona babusi ba batho bana ba leng Jerusalema,
15 Le re:
“Re entse selekane le Lefu,+Re entse tumellano* le Lebitla.*
Ha moroallo o matla o feta,O ke ke oa re fihlelaHobane re entse leshano setšabelo sa rona,Re ipatile leshanong.”+
16 Ka hona, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:
“Ke beha lejoe e le motheo Sione, lejoe le lekiloeng,+Lejoe la sekhutlo la bohlokoa+ le behiloeng e le motheo o tiileng.+
Mang kapa mang ea bontšang tumelo ho lona a ke ke a tšoha.+
17 Ke tla etsa hore toka e be khoele e methang,+Ho loka e be sesebelisoa se otlollang.*+
Sefako se tla hohola setšabelo sa bona e leng leshanoLe metsi a koahele sebaka seo ho ipatoang ho sona.
18 Selekane seo le se entseng le Lefu se tla felisoa’Me tumellano ea lona le Lebitla* e ke ke ea ema e tiile.+
Ha moroallo o matla o feta,O tla le sila.
19 Nako le nako ha o feta,O tla le hohola+Hobane o tla feta hoseng ho hong le ho hong,Bosiu le motšehare.
Ke letsoalo feela le tla etsa hore ba utloisise molaetsa.”*
20 Bethe e nyenyane haholo hore motho a paqame holim’a eonaLe kobo e nyenyane haholo hore motho a ka ithatela ka eona.
21 Jehova o tla ema joalokaha a ile a ema Thabeng ea Perazime.
O tla halefa joalokaha a ile a halefa khohlong* e haufi le Gibeone+E le hore a etse ketso ea hae e makatsangLe hore a etse mosebetsi oa hae o sa tloaelehang.+
22 Joale le se ke la soma+E le hore liketane tsa lona li se ke tsa tiisoa le ho fetaHobane ke utloile hore ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabothoO rerile ho timetsa naha eohle.*+
23 Thehang tsebe ’me le utloe lentsoe la ka.
Mamelang ka hloko ’me le utloe hore na ke re’ng.
24 Na molemi o lula a lema letsatsi kaofela pele a jala peo?
Na o lula a thuha le ho haraka* mobu oa hae? Che.+
25 Ho e-na le hoo, ha a se a o batalalitse ka holimo,O jala kumine ’me o hasanya kumine e ntšoHape o jala koro, nyalothe* le harese sebakeng sa tsonaLe mofuta o mong oa koro*+ mahlakoreng.
26 Molimo o mo ruta* tsela e nepahetseng.
Molimo oa hae oa mo rupela.+
27 Kumine e ntšo ha e poloe ka selei*+’Me lebili la kariki ha le tsamaisoe holim’a kumine e ’ngoe.
Ho e-na le hoo, kumine e ntšo e poloa ka molamu,Ha kumine e ’ngoe e poloa ka lere.
28 Na motho a ka pola koro* hore e be phofo ea bohobe?
Che, ha a li pole a sa khaotse.+
Leha a tsamaisa lebili la kariki ea hae holim’a tsona ka lipere tsa hae,Ha a li sile.+
29 Mantsoe ana le ’ona a tsoa ho Jehova oa mabotho,Eo morero* oa hae o hlollangLe ea fihletseng lintho tse kholo.*+
Linaletsana
^ Mona ho buuoa ka motse-moholo Samaria.
^ Kapa: “feiga.”
^ E leng ha ngoana a tlohelisoa ho nyanya.
^ Ka Seheberu: “Khoele ea ho lekanya holim’a khoele ea ho lekanya, khoele ea ho lekanya holim’a khoele ea ho lekanya.”
^ Ka Seheberu: “ba melomo e kokotletsang.”
^ Kapa: “Khoele ea ho lekanya holim’a khoele ea ho lekanya, khoele ea ho lekanya holim’a khoele ea ho lekanya.”
^ Kapa mohlomong: “re entse pono.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “khoele e otlollang.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa mohlomong: “Ha ba utloisisa, ba tla tšoha haholo.”
^ Kapa: “phuleng.”
^ Kapa: “lefatše lohle.”
^ Kapa: “kofola.”
^ Mona ho sebelisitsoe lentsoe la Seheberu le hlalosang koro ea boemo bo tlase e neng e lengoa Egepeta ea boholo-holo.
^ Ke semela se hlahisang peo e nyenyane e sebelisetsoang ho etsa bohobe. Ka Senyesemane ke millet.
^ Kapa: “laea ka; khalemela ka.”
^ Sheba Tlhaloso ea Ho pola; Seotlo.
^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “khalemelo.”
^ Kapa: “Le ea bohlale haholo.”

