Esaia 61:1-11
61 Moea oa Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o holim’a ka+Hobane Jehova o nkhethetse* hore ke bolelle ba bonolo+ litaba tse monate.
O nthometse hore ke tlamise ba robehileng lipelo,Ke phatlalatse tokoloho ho batšoaruoaLe ho tutubolla mahlo a batšoaruoa,+
2 Ho phatlalatsa selemo sa Jehova sa mohau*Le letsatsi la phetetso la Molimo oa rona,+Ho tšelisa bohle ba utloileng bohloko,+
3 Ho hlokomela ba utloileng bohloko ka lebaka la Sione,Ho ba fa tuku ho e-na le molora,Ho ba fa oli hore ba thabe ho e-na le ho utloa bohloko,Ho ba fa seaparo hore ba nthorise ho e-na le ho oa moea.
Ba tla bitsoa lifate tse kholo tsa ho loka,Tse lenngoeng ke Jehova e le hore li mo tlotlise.*+
4 Ba tla tsosolosa libaka tse ripitliloeng khale,+Ba tsosolose lithako tsa khale.
Ba tla haha bocha metse e ripitliloeng,+Libaka tse setseng e le lithako ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong.+
5 “Batho bao le sa ba tsebeng ba tla tla ba lise mehlape ea lona,Balichaba+ e tla ba lihoai tsa lona le balemi ba lona ba morara.+
6 Ha e le lona, le tla bitsoa baprista ba Jehova,+Ba tla le bitsa basebeletsi ba Molimo oa rona.
Le tla ja maruo a lichaba,+Le ithorise ka khanya* ea tsona.
7 Le tla fumana tlhohonolofatso e imenneng habeli ho e-na le ho hlajoa ke lihlong,Le tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la kabelo ea lona ho e-na le ho tlotloloha.
Ba tla fumana tlhohonolofatso e imenneng habeli naheng ea bona.+
Ba tla thaba ka ho sa feleng.+
8 ’Na, Jehova, ke rata toka.+
Ke hloile bosholu le lintho tse sa lokang.+
Ke tla ba fa moputso oa bona ka botšepehi,Ke etse selekane se sa feleng le bona.+
9 Bana* ba bona ba tla tsejoa har’a lichaba+Le litloholo tsa bona har’a lichaba.
Bohle ba ba bonang ba tla ba tseba,Ba tsebe hore ke bana* bao Jehova a ba hlohonolofalitseng.”+
10 Ke tla thaba haholo ka lebaka la Jehova.
Ke* tla thaba ka pelo eohle ka lebaka la Molimo oa ka.+
O nkapesitse liaparo tsa poloko.+
O nkapesitse seaparo se selelele* sa ho lokaJoaloka monyali ea roalang tuku e tšoanang le ea moprista+Le joaloka monyaluoa ea ikhabisang ka mekhabiso ea hae.
11 Joalokaha lefatše le hlahisa mahlomela a lonaLe joalokaha serapa se etsa hore lintho tse jetsoeng ho sona li mele,Jehova ’Musi oa Lintho TsohleO tla etsa hore ho loka+ le thoriso li mele+ ka pel’a lichaba tsohle.

