Esaia 34:1-17
34 Atamelang le utloe lona lichaba,Mamelang ka hloko lona lichaba.
Lefatše le tsohle tse ho lona le mameleLe naha le lihlahisoa tsohle tsa eona.
2 Jehova o halefetse lichaba tsohle,+O halefetse mabotho ’ohle a tsona.+
O tla li felisa,O tla li bolaea.+
3 Ba bolailoeng har’a tsona ba tla ntšetsoa ka ntle,Seputa sa litopo tsa bona se tla nyoloha.+
Lithaba li tla qhibiliha ka lebaka la* mali a bona.+
4 Lebotho lohle la maholimo le tla bolaMaholimo a tla phuthoa joaloka moqolo.
Lebotho lohle la ’ona le tla ponaJoalokaha lekhasi le ponneng le oa sefateng sa moraraLe joalokaha feie* e ponneng e oa sefateng sa feie.
5 “Sabole ea ka e tla rotha mali maholimong.+
E tla theohela Edomo ho fana ka kahlolo+Ho batho bao ke entseng qeto ea ho ba felisa.
6 Jehova o na le sabole. E tla tlala mali.
E tla tlala mafura,+Mali a liramo tse nyenyane le lipoli,Mafura a liphio tsa liramo.
Jehova o na le sehlabelo Bozra,O tla hlaba batho ba bangata haholo naheng ea Edomo.+
7 Lipoho tse hlaha* li tla theoha le bona,Lipohoana hammoho le ba matla.
Naha ea bona e tla tlala maliLerole la bona le tlale mafura.”
8 Jehova o na le letsatsi leo a tla iphetetsa ka lona,+Selemo seo a tla fana ka kotlo nyeoeng ea Sione.+
9 Melapo ea hae* e tla fetoha sekontiri,Lerole la hae le fetohe sebabole,Sebaka sa hae se tla ba joaloka sekontiri se tukang.
10 Edomo e ke ke ea tima bosiu kapa motšehare,Mosi oa eona o tla kubella ka ho sa feleng.
E tla lula e se na baahi ho tloha molokong o mong ho ea ho o mong,Le ka mohla ho ke ke ha e-ba le ea fetang ho eona.+
11 Noko le letata le jang litlhapi li tla lula ho eona,Liphooko le makhoaba a tla lula ho eona.
Molimo o tla metha naha ena ka khoele e methang le e otlollang* e le ho bontšaHore o tla e felisa.
12 Ha ho bahlomphehi ba hae ba tla etsoa marena’Me likhosana tsohle tsa hae li tla timela.
13 Meutloa e tla mela litoreng tsa hae tse tiileng,Bobatsi le litlama-tlama tse meutloa li mele liqhobosheaneng tsa hae,O tla fetoha selao* sa liphokojoe,+Lehae la limpshe.
14 Liphoofolo tsa lehoatata li tla kopana le lintja tse hlaha*Le poli e hlaha* e tla bitsa motsoalle oa eona.
Semanama* se tla lula ’me se iphumanele sebaka sa phomolo moo.
15 Noha e tla etsa sehlaha ’me e behele mahe teng,E tla a qhotsa ’me e sireletse malinyane a eona.
Linonyana tse jang nama li tla bokana teng, e ’ngoe le e ’ngoe le molekane oa eona.
16 Batlisisang ka bukeng ea Jehova ’me le e balle holimo:
Ha ho le e ’ngoe ea liphoofolo tseo e tla ba sieo.
Ha ho le e ’ngoe ea tsona e tla hloka molekaneHobane ke molomo oa Jehova o faneng ka taelo’Me ke moea oa hae o li bokeletseng.
17 Ke Eena ea lahlang lotho bakeng sa tsona,Letsoho la hae le khethile sebaka sa tsona seo li se abetsoeng.*
Li tla lula ho sona ka ho sa feleng,Meloko eohle e tla latela e tla lula ho sona.
Linaletsana
^ Kapa: “li tla phalla.”
^ Kapa: “feiga.”
^ Ho ka etsahala hore ebe ke liphoofolo tse tšoanang le linare.
^ Ho bonahala eka ho buuoa ka Bozra e leng motse-moholo oa Edomo.
^ Ka Seheberu: “majoe.”
^ E leng moo liphokojoe li lulang.
^ Kapa: “liphoofolo tse hlabang moolo” e leng liphoofolo tse etsang sello se kang seo ntja e se etsang bosiu.
^ Kapa mohlomong: “modemona ea nang le sebopeho sa poli.”
^ Nonyana e tšoanang le sephooko.
^ Ka Seheberu: “le li aroletse tsona ka khoele e methang.”

