Esaia 57:1-21
57 Ea lokileng ha a sa le eo*Empa ha ho ea ho tebisetsang pelong.
Batho ba tšepahalang baa shoa,+Ha ho ea lemohang hore ea lokileng o shoeleKa lebaka la tlokotsi.*
2 O fumana khotso.
Bohle ba tsamaeang ka ho loka ba phomola mabitleng.*
3 “Empa ha e le lona, atamelang mona,Lona bara ba senohe sa mosali,Bana ba monna ea febang le ba mosali oa letekatse:
4 Ke mang eo le mo tšehang?
Ke mang eo le mo somang le eo le mo rohakang?
Na ha le bana ba baetsalibe,Bana ba batho ba leshano,+
5 Ba nang le takatso e matla ea ho etsa botekatse har’a lifate tse kholo,+Tlas’a sefate se seng le se seng se behang haholo,+Ba bolaelang bana likhohlong,*+Lipakeng tsa mafika?
6 U* rata majoe a boreleli a khohlo.+
Ke ’ona ao u a khethileng.
Le ’ona u a tšella linyehelo tsa lino ’me u a fa limpho.+
Na nka khotsofatsoa* ke lintho tsee?
7 U behile bethe ea hao thabeng e holimo le e phahameng,+U nyolohetse teng ho ea nyehela sehlabelo.+
8 U behile setšoantšo* sa hao ka tlung ea hao.*
U mphuraletse ’me oa hlobola.
Oa nyoloha, oa etsa hore bethe ea hao e be kholo.
Oa etsa selekane le bona.
U ratile ho robala betheng ea bona+Le ho sheba setho sa botona.*
9 Oa theohela Meleke* ka oliLe ka oli e ngata e nkhang hamonate.
Oa romela baromuoa ba hao hole,Hoo u ileng oa theohela Lebitleng.*
10 U sehlile ka ho latela litsela tsa hao tse ngata.
Empa ha oa ka oa re: ‘Ha ho na thuso!’
U hlasimolohile.
Ke ka lebaka leo u sa teleng.*
11 U tšohile mang, hona u tšaba mangHore u be u bue leshano?+
Ha oa ka oa nkhopola.+
Ha oa ka oa nahanisisa ka letho.+
Kaha ke ne ke thotse, ke khutsitse,*+U ne u sa ntšabe.
12 Ke tla pepesa ‘ho loka’+ ha hao le mesebetsi ea hao+’Me e ke ke ea u tsoela molemo.+
13 Ha u hoeletsa ho kopa thuso,Litšoantšo tseo u li bokeletseng li ke ke tsa u pholosa.+
Moea o tla li fefola kaofela,Li tla nkoa ke moeanyana feela.
Empa ea tšabelang ho ’na, naha ena e tla ba lefa la hae,O tla lula thabeng ea ka e halalelang.+
14 Ho tla thoe: ‘Etsang tsela, etsang tsela. Lokisang tsela.+
Tlosang tšitiso efe kapa efe tseleng ea batho ba ka.’”
15 Ea Holimo le Ea Phahameng,Ea phelang*+ ka ho sa feleng, eo lebitso la hae le halalelang+ o re:
“Ke lula sebakeng se phahameng, se halalelang+Hape ke lula le ba nyahameng le ba oeleng moeaE le hore ke hlasimolle ba oeleng moeaLe ho hlasimolla lipelo tsa ba nyahameng.+
16 Nke ke ka ba hanyetsa ho ea ho ileKapa ka lula ke halefile.+
Ka lebaka la ka motho* o ne a tla tepella+Esita le libopuoa tse phelang tseo ke li entseng.
17 Ke ne ke halefetse hore ebe o* ne a etsa sebe sa ho latella ho fumana phaello ea bolotsana,+Kahoo ka mo otla, ka pata sefahleho sa ka ka ba ka mo halefela.
Empa a ’na a tsamaea joaloka mokoenehi,+ a tsamaea tseleng ea pelo ea hae.
18 Ke bone litsela tsa haeEmpa ke tla mo folisa+ le ho mo tataisa,+Ke mo tšelise,*+ eena le batho ba hae ba utloileng bohloko.”+
19 Jehova o re: “Ke beha mantsoe a thoriso lelemeng la motho.*
Ho tla ba le khotso e sa feleng ho motho ea hole le ea haufi+’Me ke tla mo folisa.”
20 “Empa ba khopo ba joaloka leoatle le loebehlanang, le ke keng la kokobela,Leo metsi a lona a hlahisang litlama-tlama tsa leoatle le seretse.
21 Ba khopo ba ke ke ba fumana khotso,” ke Molimo oa ka ea chong.+
Linaletsana
^ Kapa mohlomong: “ ’Me o phonyohile tlokotsi.”
^ Kapa: “o timetse.”
^ Ka Seheberu: “libetheng tsa bona.”
^ Ke Sione kapa Jerusalema.
^ Kapa: “Na nka itšelisa.”
^ E ka ’na eaba e ne e le setšoantšo se rapeloang.
^ Ka Seheberu: “ka mor’a lemati le kosene ea monyako.”
^ E ka ’na eaba ke borapeli ba litšoantšo.
^ Kapa mohlomong: “ho morena.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “khathaleng.”
^ Kapa: “ke patile liketso tsa hao.”
^ Kapa: “lulang.”
^ Ka Seheberu: “moea oa motho.”
^ Ho bonahala ho buuoa ka sechaba sa Iseraele.
^ Kapa: “buseletse ka matšeliso.”
^ Ka Seheberu: “Ke bopa litholoana tsa molomo.”

