Esaia 9:1-21
9 Leha ho le joalo, lefifi leo le ke ke la tšoana le la ha naha e ne e le maqakabetsing, nakong eo naha ea Zabulone le ea Nefthali li neng li nyatsuoa.+ Empa hamorao O tla tlotla Galilea ea lichaba e leng karolo e pel’a leoatle, e ikhohlileng ka Jordane.
2 Batho ba neng ba tsamaea lefifingBa bone leseli le leholo.
Ha e le ba lulang naheng e moriti o lefifi,Ba chabetsoe ke leseli.+
3 U entse hore sechaba se be le baahi ba bangata.
U entse hore se thabe haholo.
Baa thaba ka pel’a haoJoaloka batho ba thabileng ha ba arola thepa e hapuoengLe joalokaha batho ba thaba nakong ea kotulo.
4 U robile joko eo ba jarang ka eona,Oa roba le molamu o mahetleng a bona le lere la mohatelliJoaloka letsatsing leo Midiane e hlotsoeng ka lona.+
5 Seeta se seng le se seng se sisinyang lefatše ha se hataLe seaparo se seng le se seng se khenathetseng maliE tla ba libeso bakeng sa mollo.
6 Re tsoaletsoe ngoana,+Re filoe mora,Puso* e tla lula lehetleng la hae.+
O tla rehoa Moeletsi ea Hlollang,+ Molimo ea Matla,+ Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso.
7 Puso* ea hae e ke ke ea khaotsa ho holaLe khotso e tla ba teng ka ho sa feleng+Teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae.
E tla tsitsisoa+ le ho tšehetsoaKa toka+ le ka ho loka,+Ho tloha hona joale ho ea ho ile.
Jehova oa mabotho o tla etsa sena ka cheseho.
8 Jehova o ile a romela molaetsa oa kahlolo ho Jakobo’Me o tla phethahala ho Iseraele.+
9 Batho bohle ba tla o tseba,Efraime le baahi ba Samaria,Bao ka boikhohomoso le ka ho tella* ba reng:
10 “Litene li oeleEmpa re tla haha ka majoe a betliloeng.+
Lifate tsa sikamora li renngoeEmpa re tla sebelisa* likedare bakeng sa tsona.”
11 Jehova o tla lumella bahanyetsi ba Rezine hore ba mo hlasele,A hlohlelletse lira tsa hae hore li mo tsohele matla,
12 Siria e hlaha ka bochabela le Bafilista ba hlaha ka bophirimela,*+Ba tla bula melomo ea bona ba je Iseraele.+
Ka lebaka la lintho tsena, Molimo oa tuka ke bohaleEbile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+
13 Batho ha baa khutlela ho Ea ba otlang.
Ha baa batla Jehova oa mabotho.+
14 Jehova o tla khaolaHlooho le mohatla, lehlomela le loli* tsa Iseraele ka letsatsi le le leng.+
15 Motho ea holileng le ea hlomphehang haholo ke hlooho’Me moprofeta ea rutang thuto ea bohata ke mohatla.+
16 Ba etellang batho bana pele ke bona ba etsang hore ba hlahlathele,Ba etelloang pele ba ferekane.
17 Ke ka lebaka leo Jehova a ke keng a khahlisoa ke bacha ba bona,A ke ke a hauhela likhutsana* tsa bona le bahlolohali ba bona.
Kaofela ha bona ke bakoenehi, ba etsa lintho tse khopo,+Kaofela ha bona ba* bua lintho tse se nang kelello.
Ka lebaka la lintho tsena, Molimo oa tuka ke bohaleEbile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+
18 Bokhopo bo tuka joaloka mollo,Bo qeta lihlahla tsa meutloa le litlama-tlama.
Bo tla chesa mofero oa moru,O kubelle mosi.
19 Naha e chesitsoeKa lebaka la khalefo ea Jehova oa mabotho.
Batho e tla ba libeso bakeng sa mollo.
Ha ho ea tla hauhela esita le ngoan’abo.
20 Motho o tla seha ka ho le letonaEmpa o tla ’ne a lape.
O tla ja ka ho le letšehaliEmpa a ke ke a khora.
E mong le e mong o tla ja nama ea letsoho la hae,
21 Manase o tla ja EfraimeLe Efraime a je Manase.
Ba tla loantša Juda ba le ’moho.+
Ka lebaka la lintho tsena, Molimo oa tuka ke bohaleEbile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.+
Linaletsana
^ Kapa: “ ’muso; puso ea bohosana.”
^ Kapa: “ ’Muso; Puso ea bohosana.”
^ Kapa: “ka lipelo tsa bona tse tellang.”
^ Kapa mohlomong: “lema.”
^ Ka Seheberu: “ka morao.”
^ Kapa mohlomong: “lekala la sefate sa palema le lehlaka.”
^ Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”
^ Ka Seheberu: “molomo o mong le o mong o.”

