Esaia 60:1-22

  • Khanya ea Jehova e khanya holim’a Sione (1-22)

    • “Joaloka maeba a eang lirobeng tsa ’ona” (8)

    • “Khauta ho e-na le koporo” (17)

    • “E monyenyane o tla fetoha ba sekete” (22)

60  “Tsoha, uena Jerusalema,*+ khantša leseli kaha leseli la hao le tlile. Khanya ea Jehova e khanya holim’a hao.+   Lefifi le tla koahela lefatše,Lefifi le letšo-letšo le koahele lichaba. Empa Jehova o tla khanya holim’a hao,Khanya ea hae e tla bonoa ho uena.   Lichaba li tla ea leseling la hao+Le marena+ a ee botleng ba hao bo khanyang.*+   Phahamisa mahlo ’me u shebe hohle ho u potoloha. Bara ba hao ba ntse ba tla ba tsoa hole+Le barali ba hao ba pepiloeng. Kaofela ha bona ba phuthehile, ba tla ho uena.+   Ka nako eo, u tla bona ’me u thabe.+ Pelo ea hao e tla nyakalla ’me e tlale thaboKaha maruo a leoatle a tla lebisoa ho uena,Maruo a lichaba a tle ho uena.+   Mehlape ea likamele e tla koahela naha ea hao,*Likamele tse matla tsa Midiane le Efa.+ Bohle ba tsoang Sheba ba tla tla. Ba tla nka khauta le libano tse tšoeu,Ba phatlalatse lithoriso tsa Jehova.+   Mehlape eohle ea Kedare+ e tla phuthoa, e tlisoe ho uena. Liramo tsa Nebajothe+ li tla u sebeletsa. Li tla amoheloa joaloka sehlabelo aletareng ea ka+’Me ke tla khabisa ntlo ea ka e ntle.*+   Ke bo-mang baa ba tlang ba fofa joaloka maru,Joaloka maeba a eang lirobeng* tsa ’ona?   Baahi ba lihlekehleke ba tla ntšepa+Le likepe tsa Tarshishe li ka pele*Hore li tlise bana ba hao ba tsoang hole+Hammoho le silevera le khauta ea bonaE le hore ba rorise lebitso la Jehova Molimo oa hao, Mohalaleli oa IseraeleHobane o tla u tlotlisa.*+ 10  Balichaba ba tla u hahela marako’Me marena a bona a tla u sebeletsa.+ Ke ile ka u otla hobane ke halefileEmpa ke tla u hauhela hobane ke u rata.+ 11  Likeiti tsa hao li tla lula li butsoe.+ Li ke ke tsa koaloa motšehare kapa bosiuE le hore u tlisetsoe maruo a lichaba’Me marena a lichaba a tla ba ka pele.+ 12  Sechaba le ’muso leha e le ofe o ke keng oa u sebeletsa o tla timelaEbile lichaba li tla ripitloa hampe.+ 13  Khanya ea Lebanone e tla tla ho uena+Hammoho le sefate sa junipere, sefate sa molora* le sa kiprese,+Bakeng sa ho khabisa tempele ea ka. Ke tla tlotlisa sebaka sa maoto a ka.+ 14  Bara ba batho ba ileng ba u hlorisa ba tla tla ’me ba u inamele. Bohle ba u tellang ba lokela ho khumama maotong a hao,Ba tla lokela ho u bitsa motse oa Jehova,Sione ea Mohalaleli oa Iseraele.+ 15  Ho e-na le hore u sale u lahliloe kherehloa ’me u hlouoe, ho se motho ea u fapohelang,+Ke tla etsa hore u rorisoe ka ho sa feleng,U be mohloli oa thabo melokong eohle.+ 16  U tla noa lebese la lichaba,+U sebelise maruo a marena,*+U tla fela u tsebe hore ’na Jehova, ke Mopholosi oa hao,Ea Matla oa Jakobo ke Molopolli oa hao.+ 17  Ke tla tlisa khauta ho e-na le koporo,Ke tlise silevera ho e-na le tšepe. Ke tla tlisa koporo ho e-na le lehong,Ke tlise tšepe ho e-na le majoe. Ke tla beha khotso hore e be molebeli oa haoLe ho loka hore ho u abele mosebetsi.+ 18  Ntoa ha e sa tla hlola e utluoa naheng ea henoKapa timetso le tšenyo ka har’a meeli ea heno.+ U tla bitsa marako a hao Poloko+ le likeiti tsa hao Thoriso. 19  Letsatsi ha e sa tla hlola e e-ba leseli la hao motšehare,Khanya ea khoeli ha e sa tla hlola e u fa leseli. Ho uena Jehova e tla ba leseli le sa feleng,+Molimo oa hao e be botle ba hao.+ 20  Letsatsi la hao ha le sa tla hlola le likelaKapa khoeli ea hao e fifaleHobane Jehova e tla ba leseli le sa feleng bakeng sa hao+’Me matsatsi a hao a ho utloa bohloko a tla be a felile.+ 21  Batho ba hao kaofela e tla ba ba lokileng. Ba tla rua naha ho ea ho ile. Batho bana ke lehlomela leo ke le lemmeng,Mosebetsi oa matsoho a ka+ hore ke tlotlisoe.+ 22  E monyenyane o tla fetoha ba sekete,Ea fokolang e be sechaba se matla. ’Na Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.”

Linaletsana

Ka Seheberu: “mosali.”
Kapa: “khanyeng ea mafube a hao.”
Ka Seheberu: “e tla u koahela.”
Kapa: “e khanyang.”
Kapa: “masobeng a matlo?”
Kapa: “khabisa.”
Kapa: “joaloka pele.”
Sefate se seholo sa bolelele ba limithara tse 15 ha se holile. Se na le makhasi a matala le makala a ’mala o kang oa molora.
Ka Seheberu: “anya matsoele a marena.”