Esaia 40:1-31
40 Molimo oa lona o re: “Tšelisang, tšelisang batho ba ka.+
2 Tšelisang* Jerusalema,Le mo bolelle hore nako ea mahlomola a hae e felile,Hore molato oa hae o lefuoe.+
Jehova o mo file kotlo e lekaneng hantle* bakeng sa libe tsohle tsa hae.”+
3 Ho na le motho* ea hoeletsang lefeelleng a re:
“Hlekang* tsela ea Jehova!+
Etsang tsela e kholo e otlolohileng+ bakeng sa Molimo oa rona lehoatateng.+
4 Khohlo e ’ngoe le e ’ngoe e ke e phahamisoe’Me thaba e ’ngoe le e ’ngoe le leralla li ke li theoloe.
Sebaka se khorofo se batalatsoeLe sebaka se matsaranka e be phula.+
5 Khanya ea Jehova e tla hlahella+’Me batho bohle* ba tla e bona+Hobane Jehova o buile joalo.”
6 Mamela! E mong o re: “Hoeletsa!”
E mong eena o re: “Ke hoeletse ke re’ng?”
“Batho bohle* ke joang bo botala.
Botšepehi* bohle ba bona bo tšoana le palesa ea naheng.+
7 Joang bo botala boa omella,Palesa ea pona+Hobane phefumuloho* ea Jehova e foka holim’a tsona.+
Kannete batho ba itšoanela feela le joang bo botala.
8 Joang bo botala boa omella,Palesa ea ponaEmpa lentsoe la Molimo oa rona le tšoarella ka ho sa feleng.”+
9 Nyolohela thabeng e phahameng,Uena mosali ea tlisetsang Sione litaba tse monate.+
Phahamisa lentsoe la hao ka matla,Uena mosali ea tlisetsang Jerusalema litaba tse monate.
Le phahamise, u se ke oa tšaba.
Tsebisa metse ea Juda u re: “Molimo oa lona ke enoa.”+
10 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o tla tla ka matla’Me letsoho la hae le tla busa bakeng sa hae.+
Moputso oa hae o ho eena.
Moputso oo a o lefang o ka pel’a hae.+
11 O tla hlokomela* mohlape oa hae joaloka molisa.+
O tla bokella likonyana ka letsoho la hae’Me o tla li beha sefubeng sa hae.
Tse anyesang malinyane a tsona o tla li tsamaisa hantle.+
12 Ke mang ea methang metsi ka seatla,+Ea methang boholo ba maholimo ka seatla?*
Ke mang ea bokeletseng lerole la lefatše ka seatleng*+Kapa a bekha lithabaLe maralla sekaleng?
13 Ke mang ea methileng* moea oa Jehova?
Ke mang ea ka mo fang litaelo joaloka moeletsi oa hae?+
14 O botsitse mang e le hore a be le kutloisiso?
Ke mang ea mo rutang tsela ea toka,Ea mo rutang tseboKapa ea mo bontšang tsela ea kutloisiso ea ’nete?+
15 Lichaba li joaloka lerotholi ka nkhong,Li nkoa e le lerolenyana le sekaleng.+
O phahamisa lihlekehleke joaloka lerole le lesesaane.
16 Esita le lifate tsa Lebanone ha lia lekana bakeng sa hore mollo o lule o tuka,*Liphoofolo tsa eona tse hlaha ha lia lekana bakeng sa nyehelo ea secheso.
17 Ho eena lichaba tsohle li tšoana le ntho e sieo.+
O li nka e se letho, e le ntho e se nang thuso.+
18 Le ka tšoantša Molimo le mang?+
Ke’ng eo le ka reng o tšoana le eona?+
19 Setsebi sa mosebetsi oa matsoho se etsa setšoantšo,*Motho ea sebetsang ka tšepe o se penta ka khauta+Ebe o tea liketane tsa silevera.
20 O khetha sefate e le nyehelo ea hae,+Sefate se ke keng sa bola.
O batla setsebi se hloahloa sa mosebetsi oa matsohoBakeng sa ho betla setšoantšo se ke keng sa oela.+
21 Na ha le tsebe?
Na ha le e-s’o utloe?
Na ha lea bolelloa ho tloha qalong?
Na ha lea utloisisa ho tloha ha lefatše le thehoa?+
22 Molimo o lula ka holim’a selika-likoe sa lefatše,+Baahi ba lona ba joaloka marutle.
O otlolla maholimo joaloka lesela le lesesaane la boleng bo phahameng,O a ala joaloka tente eo ho luloang ho eona.+
23 O theolela balaoli ba phahameng maemong a tlase’Me o etsa hore baahloli* ba lefatše e be ntho e se nang thuso.
24 Hang ka mor’a hore ba lengoe,Hang ka mor’a hore ba jaloe,Hang ka mor’a hore kutu ea bona e mele ka metso fatše,Baa butsoeloa ebe baa omella.
Moea o ba fefola joaloka litlhaka.+
25 Mohalaleli o re: “Le ka ntšoantša le mang? Ke mang ea lekanang le ’na?
26 Phahamisetsang mahlo leholimong ’me le bone.
Ke mang ea bopileng lintho tsee?+
Ke ea li etellang pele joaloka lebotho a bile a li bala kaofela,E ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa ka lebitso.+
Ka lebaka la matla a hae a maholo le matla a hae a hlollang,+Ha ho le e ’ngoe ea tsona e sieo.
27 Uena Jakobo, uena Iseraele, ke hobane’ng ha u re,‘Tsela ea ka e patetsoe Jehova’Me ha kea fumana toka ho tsoa ho Molimo’?+
28 Na ha u tsebe? Na ha oa utloa?
Jehova, ’Mopi oa tsohle tse lefatšeng, ke Molimo ka ho sa feleng.+
Ha ho mohla a khathalang kapa hona ho tepella.+
Kutloisiso ea hae e ke ke ea fihleloa.*+
29 O fana ka matla ho ea khathetseng,Ba se nang matla* o ba tsosa molota.+
30 Bashanyana ba tla khathala ’me ba tepelle,Le bahlankana ba tla khoptjoa ba oe
31 Empa ba tšepileng Jehova ba tla fumana matla hape.
Ba tla fofela holimo ka mapheo a kang a ntsu.+
Ba tla matha ’me ba ke ke ba tepella,Ba tla tsamaea ’me ba ke ke ba khathala.”+
Linaletsana
^ Kapa: “Buang le pelo ea.”
^ Kapa: “e habeli.”
^ Ka Seheberu: “Lentsoe la.”
^ Kapa: “Lokisang.”
^ Kapa: “nama eohle.”
^ Kapa: “Nama eohle.”
^ Kapa: “lerato la bona le tšepahalang.”
^ Kapa: “moea.”
^ Kapa: “O tla lisa.”
^ Ka Seheberu: “karolong ea boraro,” ea tekanyo e sa tsejoeng.
^ Boahlamo ba seatla. Sheba Ntlha ea B14.
^ Kapa mohlomong: “utloisisitseng.”
^ Kapa: “li ke ke tsa etsa patsi e lekaneng.”
^ Kapa: “seemahale sa tšepe.”
^ Kapa: “babusi.”
^ Kapa: “e ke ke ea utloisisoa.”
^ Kapa: “matla a maholo.”

