Esaia 52:1-15

  • Tsoha, Sione! (1-12)

    • Maoto a matle a tlisang litaba tse monate (7)

    • Balebeli ba Sione ba hoeletsa ba le ’moho (8)

    • Ba jarang lijana tsa ntlo ea Jehova ba lokela ho hloeka (11)

  • Mohlanka oa Jehova o tla phahamisoa (13-15)

    • Sebopeho se senyehileng (14)

52  Tsoha, tsoha, u ikapese matla,+ uena Sione!+ Apara liaparo tsa hao tse ntle,+ uena Jerusalema, motse o halalelang! Ea sa bollang le ea sa hloekang ha ba sa tla hlola ba kena ho uena.+   Itlhohlore lerole, ema ’me u lule setulong, uena Jerusalema. Fasolla liketane tse molaleng oa hao, uena morali oa Sione oa motšoaruoa.+   Jehova o re: “Le rekisitsoe mahala+’Me le tla lokolloa ntle ho tefo.”+   Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Qalong batho ba ka ba ile ba theohela Egepeta ho ea lula teng e le balichaba+Eaba Asiria e ba hatella ntle ho lebaka.”   Jehova o re: “Joale, ke lokela ho etsa’ng moo?” Jehova o boetse o re: “Sechaba sa ka se nkiloe feela. Ba se busang ba ntse ba ithorisa ka tlholo,+Lebitso la ka lea telloa kamehla, letsatsi lohle.+   Ka lebaka leo, sechaba sa ka se tla tseba lebitso la ka.+ Ka lebaka lona leo, ba tla tseba letsatsing leo hore ke ’na ea buang. Ke ’na ea buang!”   A matle hakaakang lithabeng maoto a ea tlisang litaba tse monate,+Ea phatlalatsang khotso,+Ea tlisang litaba tse monate tsa ho hong ho molemo,Ea phatlalatsang poloko,Ea reng ho Sione: “Molimo oa hao ke Morena.”+   Mamela! Balebeli ba hao ba phahamisa mantsoe. Ba hoeletsa ba thabile ba le ’mohoHobane ba tla bona ka mahlo ha Jehova a khutlisa Sione.   Nyakallang, hoeletsang ka thabo le le ’moho, lona libaka tse ripitliloeng tsa Jerusalema+Hobane Jehova o tšelisitse batho ba hae.+ O lopolotse Jerusalema.+ 10  Jehova o entse hore lichaba tsohle li bone matla a hae a halalelang.+ Batho bohle ba lefatšeng ba tla bona hore na Molimo oa rona o entse’ng ho pholosa* batho ba hae.+ 11  Lona ba jarang lijana tsa ntlo ea Jehova,+Tlohang, tlohang, tsoang moo,+ le se ke la tšoara letho le sa hloekang.+ Tsoang har’a eona,+ le ipoloke le hloekile. 12  Le ke ke la tsoa le tšohileKapa la tlameha ho balehaKaha Jehova o tla tsamaea ka pel’a lona,+Molimo oa Iseraele e tla ba molebeli oa lona ea ka morao.+ 13  Mohlanka oa ka+ o tla etsa lintho ka temoho. O tla behoa maemong a phahameng,A phahamisoe ’me a hlomphuoe haholo.+ 14  Feela joalokaha ho ne ho e-na le ba bangata ba neng ba mo shebile ba maketseHobane o ne a senyehile sebopeho ho feta mang kapa mangLe botle ba hae bo senyehile ho feta ba batho, 15  Ka tsela e tšoanang o tla makatsa lichaba tse ngata.+ Marena a tla koala melomo* ka pel’a hae,+A tla bona lintho tseo a sa li bolelloang’Me a tla nahana ka lintho tseo a sa kang a li utloa.+

Linaletsana

Kapa: “hlola bakeng sa.”
Kapa: “hloka mantsoe.”