Esaia 5:1-30
5 Ke tla binela moratuoa oa ka pina.
Ke pina e buang ka moratuoa oa ka le tšimo ea hae ea morara.+
Moratuoa oa ka o ne a e-na le tšimo ea morara letsoapong le nang le mobu o motle.
2 O ile a e lema ’me a tlosa majoe ho eona,A hloma sefate se setle ka ho fetisisa sa morara o mofubelu ho eona,A haha tora har’a eonaA ba a chekela sehatelo sa veine ho eona.+
O ne a tšepile hore sefate seo se tla hlahisa morara o monateEmpa sa hlahisa morara o mobe feela.+
3 “Joale lona baahi ba Jerusalema le lona banna ba Juda,Ka kopo ahlolang pakeng tsa ka le tšimo ea ka ea morara.+
4 Ke’ng hape eo nka beng ke e entse bakeng sa tšimo ea ka ea moraraEo ke sa e etsang?+
Ho tlile joang hore e hlahise morara o mobeEmpa ke ne ke lebeletse hore e hlahise morara o monate?
5 Joale ke kopa ho le bolellaHore na ke tla etsa’ng ka tšimo ea ka ea morara:
Ke tla tlosa lekhoakhoa la eona’Me e tla chesoa.+
Ke tla heletsa lerako la eona’Me e tla hatakeloa.
6 Ke tla e etsa sebaka se lahliloeng.+
E ke ke ea hlaoloa kapa lifate tsa eona tsa morara tsa pongoa makala.*
E tla mela lihlahla tse meutloa le litlama-tlama+Hape ke tla laela maru hore a se ke a e nesetsa pula.+
7 Tšimo ea morara ea Jehova oa mabotho ke ntlo ea Iseraele.+
Batho ba Juda ke sefate sa morara seo a neng a se rata.
O ne a lebeletse toka+Empa ho ne ho se na toka.
O ne a lebeletse ho lokaEmpa a utloa seboko sa batho ba sotloang.”+
8 Ho malimabe lona ba ikekeletsang matlo+Le lona ba ikekeletsang masimo+Ho fihlela ho se ho se letho le saletseng batho ba bang.
Le lula le le bang har’a naha.
9 Ke utloile Jehova oa mabotho a hlapanyaHore matlo a mangata e tla ba lithako,A hloke baahi+Le hoja a le maholo a bile a le matle.
10 Tšimo e kholo* e tla ntša lilithara tse 22* feela tsa veineLe lilithara tse 220* tsa peo li ntše lilithara tse 22* feela.+
11 Ho malimabe ba tsohellang joala,+Ba noang ho fihlela ka shoalane e le hore veine e ba tahe.
12 Ba na le harepa le seletsa se likhoele,Moropa o monyenyane, lekolilo le veine meketeng ea bona.
Empa ha ba nahane ka mosebetsi oa JehovaEbile ha ba bone mosebetsi oa matsoho a hae.
13 Batho ba ka ba tla hapuoaKa lebaka la ho hloka tsebo.+
Banna ba bona ba hlomphehang ba tla lapa+Le batho ba bona kaofela ba bolaoe ke lenyora.
14 Lebitla* le ikatolositse,Le ahlamisitse molomo oa lona haholo.+
Botle ba hae,* batho ba hae ba bangata ba lerata le ba ratang menateBa tla theohela ho lona.
15 Motho o tla inama,Motho o tla kokobetsoaLe baikhohomosi* ba tla kokobetsoa.
16 Jehova oa mabotho o tla rorisoa ka lebaka la kahlolo* ea hae.
Molimo oa ’nete, Mohalaleli,+ o tla ikhalaletsa ka ho loka.+
17 Likonyana li tla fula joalokaha eka li lekhulong la tsona.
Balichaba ba tla ja lihlahisoa tsa libaka tse se nang baahi, tseo ho tsona ho kileng ha e-ba le liphoofolo tse nonneng.
18 Ho malimabe ba hulanyang phoso ea bona ka lithapo tsa bolotsanaLe ba hulanyang sebe sa bona ka liropo tsa kariki.
19 Ba re: “Ha a ke a potlakise mosebetsi oa hae.
O ke o tle kapele e le hore re o bone.
Morero* oa Mohalaleli oa Iseraele o ke o phethahaleE le hore re o tsebe.”+
20 Ho malimabe ba reng botle ke bobe, bobe ke botle,+Ba reng lefifi ke leseli, leseli ke lefifi,Ba reng ntho e babang e monate ’me e monate ea baba.
21 Ho malimabe ba iponang ba le bohlaleLe ba iponang ba le masene.+
22 Ho malimabe ba tummeng ka ho noa veineLe ba tsebang ho tsoaka joala,+
23 Ba lokollang motho ea khopo ka lebaka la tjotjo+Le ba sa sebeletseng motho ea lokileng ka toka.+
24 Feela joalokaha mollo o chesa litlhaka’Me joang bo ommeng bo chesoa ke lelakabe,Metso ea bona e tla bolaLe lithunthung tsa bona li fefohe joaloka phofoHobane ba hana ho mamela molao* oa Jehova oa mabotho,Ba telletse lentsoe la Mohalaleli oa Iseraele.+
25 Ke ka lebaka leo Jehova a halefetseng batho ba hae haholo,O tla phahamisa letsoho la hae a ba bolaee.+
Lithaba li tla tsukutleha,Litopo tsa bona li tšoane le lithole tse seterateng.+
Ka lebaka la lintho tsena, Molimo oa tuka ke bohaleEbile o ntse a phahamisitse letsoho hore a ba otle.
26 O phahamiselitse batho ba hole haholo letšoao,*+O letselitse ba lulang lipheletsong tsa lefatše mololi.+
Ke bao ba tla ka potlako.+
27 Ha ho le ea mong oa bona ea khathetseng kapa ea khoptjoang.
Ha ho ea otselang kapa ea robalang.
Mabanta a mathekeng a bona a tiileLe marapo a lieta* tsa bona ha a khaohe.
28 Metsu ea bona kaofela e bohaleLe liqha tsohle tsa bona li kobiloe.*
Litlhako tsa lipere tsa bona li thata joaloka lehakoeLe mabili a likariki tsa bona a tšoana le moea oa sefefo.+
29 Ba rora joaloka tau,Ba rora joaloka litau tse matla.+
Ba tla rora, ba tšoare phofuBa tsamaee ka eona ’me ho ke ke ha e-ba le motho ea e pholosang.
30 Letsatsing leo, ka mor’a hore ba e tšoare, ba tla e rorelaKa lerata le kang la leoatle.+
Mang kapa mang ea shebang naha o tla bona lefifi le tšosang.
Le leholimo le tla fifala ka lebaka la maru.+
Linaletsana
^ Kapa: “faoloa.”
^ Kapa: “lihekthere tse ’nè.”
^ Ka Seheberu: “bate e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “homere e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “efa e le ’ngoe.” Sheba Ntlha ea B14.
^ Kapa: “bahlomphehi ba hae.”
^ Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “mahlo a baikhohomosi.”
^ Kapa: “toka.”
^ Kapa: “Qeto; Keletso.”
^ Kapa: “taelo.”
^ Kapa: “palo.”
^ Ka Seheberu: “meqathatso.”
^ Kapa: “li kobiloe hore li fule metsu.”

