Jobo 6:1-30
6 Jobo a araba a re:
2 “Hoja matšoenyeho+ a ka a ne a ka lekanngoa kaofela,Ka nako e tšoanang ba behe tsietsi ea ka sekaleng!
3 Etsoe joale e boima ho feta lehlabathe la leoatle.Ke ka lebaka leo mantsoe a ka e bileng puo e hlaha.+
4 Etsoe marumo a Ea Matla ’Ohle a ho ’na,+Moea oa ka o noa mahloko a ’ona;+Matšabeho a tsoang ho Molimo a ema khahlanong le ’na.+
5 Na qoaha+ e tla llela joang,Kapa poho e llele furu ea eona?
6 Na lintho tse se nang tatso li tla jeoa li se na letsoai,Kapa ho na le tatso leha e le efe lerong le boreleli la mohalalitoe?
7 Moea oa ka o hanne ho ama ntho leha e le efe.Li joaloka lefu lijong tsa ka.
8 Hoja seo ke se kōpang se ne se ka fihlaMolimo a phethahatse tšepo ea ka!
9 Molimo a ntšilakanye,A lokolle letsoho la hae ’me a mphelise!+
10 E ne e ntse e tla ba matšeliso ho ’na;Ke ne ke tla tlōla ke thabo+ bohlokong ba ho tsoaloa ha ka,Le hoja a ne a ke ke a ba le qenehelo, etsoe ha kea pata lipolelo+ tsa Mohalaleli.+
11 Matla a ka ke eng, e le hore nka tsoela pele ho leta?+Bofelo ba ka ke eng, e le hore nka tsoela pele ho lelefatsa moea oa ka?
12 Na matla a ka ke matla a majoe?Kapa na nama ea ka ke ea koporo?
13 Na ke hobane ke sitoa ho itsoela thuso,’Me mosebetsi o atlehileng o lelekiloe ho ’na?
14 Ha e le mang kapa mang ea hanelang oa habo+ ka mosa o lerato,O tla boela a tlohele ho tšaba Ea Matla ’Ohle.+
15 Barab’eso ba sebelitse ka bolotsana,+ joaloka molapo o phoroselang oa mariha,Joaloka likotopo tsa melapo e phoroselang ea mariha e ntseng e feta.
16 E fifalitsoe ke leqhoa,Lehloa le ipata ho eona.
17 Ka nako e loketseng ha e be le metsi,+ e khutsisitsoe;Ha ho chesa e psha libakeng tsa eona.+
18 Litsela tsa eona li khelohela ka thōko;E nyolohela sebakeng se feela ’me ea timela.
19 Lihlopha tsa batsamai tsa Tema+ li talimile,Sehlopha se tsamaeang sa Basabea+ se e letetse.
20 Ka sebele ba hlajoa ke lihlong kahobane ba ne ba tšepile;Ba tlile sebakeng seo ’me baa soetseha.+
21 Etsoe joale ha le letho;+Le bona matšabeho, ’me lea tšoha.+
22 Na ke hobane ke itse, ‘Mpheng ho hong,Kapa le mphe mpho e tsoang matleng a mang a lōna;
23 Le mpholose letsohong la mohanyetsi,+Le ntopolle matsohong a bahatelli’?+
24 Nthupeleng, ’me ke tla khutsa;+Le etse hore ke utloisise phoso eo ke e entseng.+
25 Lipolelo tsa ho loka ha ea e-ba tse bohloko!+Empa ho khalemela ha lōna ho khalemela eng?+
26 Na le rera ho khalemela mantsoe,Ha lipolelo tsa ea feletsoeng ke tšepo+ e le moea feela?+
27 Le tla lahla lotho hakaakang bakeng sa motho ea se nang ntate,+Le ho fapanyetsana ka motsoalle oa lōna!+
28 Joale tsoelang pele, nkeleng hloko,Le bone hore na ke tla bua leshano+ mahlong a lōna.
29 Ka kōpo, khutlang—ho se ke ha tsoha ho se loke—E, khutlang—ho loka ha ka ho sa ntse ho le teng.+
30 Na ho na le ho se loke lelemeng la ka,Kapa mahalapa a ka ha a lemohe tsietsi?

