Jobo 17:1-16
17 “Moea oa ka o robehile,+ matsatsi a ka a felile;Ke letetsoe ke lebitla.+
2 Ka sebele kea songoa,+Leihlo la ka le lula har’a borabele ba bona.
3 Ka kōpo, beha tebeletso ea ka ho uena.+Ke mang e mong ea tla ntšoara ka letsoho+ e le tiiso?
4 Etsoe lipelo tsa bona u li koaletse masene.+Ke ka lebaka leo u sa ba phahamiseng.
5 A ka ’na a bolella metsoalle hore e nke likarolo tsa eona,Empa mahlo a bara ba hae a tla felloa ke matla.+
6 O mpehile ke le polelo ea maele+ ea lichaba,Hoo ke fetohang motho eo sefahleho sa hae se tšoeloang ka mathe.+
7 Leihlo la ka le fifatsoa+ ke matšoenyehoLitho tsa ka kaofela ha tsona li joaloka seriti.
8 Batho ba lokileng ba sheba sena ka ho makala,Le ea hlokang molato o halefela mokoenehi.
9 Ea lokileng o ntse a tšoareletse ka tieo tseleng+ ea hae,Ea nang le matsoho a hloekileng+ o ntse a ateloa ke matla.+
10 Leha ho le joalo, kaofela ha lōna le ka qala hape. Kahoo, ka kōpo, etsang joalo,Kaha ha ke fumane mang kapa mang ea bohlale har’a lōna.+
11 Matsatsi a ka a fetile,+ merero ea ka e senyehile,+Litakatso tsa pelo ea ka.
12 Ba ntse ba beha bosiu bakeng sa motšehare:+‘Leseli le haufi ka lebaka la lefifi.’
13 Haeba ke ntse ke letile, Sheole ke ntlo+ ea ka;Ke tla lokela ho ala liphate tsa ka lefifing.+
14 Ke tla hoeletsa sekoti ke re,+ ‘U Ntate!’Ke hoeletse tšenyane ke re,+ ‘U ’Mè le khaitseli ea ka!’
15 Joale, tšepo+ ea ka e hokae?Tšepo ea ka—ke mang ea e bonang?
16 E tla theohela mekoallong ea Sheole,Ha rōna, kaofela, re tla theohela lerōleng.”+

