Jobo 19:1-29
19 Jobo a araba a re:
2 “Le tla ’ne le halefise moea oa ka halelele hakae+Le ho ’na le ntšithabetsa ka mantsoe?+
3 Le nkhalemetse ka matla ka makhetlo ana a leshome;Ha le hlajoe ke lihlong hore ebe le nkhahlapetsa hakana.+
4 Ke ’nete hore ke entse phoso,+Phoso ea ka e tla lula ho ’na.
5 Haeba kannete le ikhohomosetsa ’na,+Le bontša nyeliso ea ka e le e loketseng khahlanong le ’na,+
6 Joale, tsebang hore Molimo o nkhelositse,O nkoahetse ka letlooa la hae la ho tsoma.+
7 Bonang! Ke ntse ke hoeletsa ke re, ‘Pefo!’ empa ha ke fumane karabo;+Ke ntse ke hoeletsa ho kōpa thuso, empa ha ho na toka.+
8 O thibile tsela ea ka ka lerako la majoe,+ ’me ha ke khone ho feta;O beha lefifi tseleng ea ka.+
9 O nkamohile khanya ea ka,+O tlosa moqhaka oa hlooho ea ka.
10 O nkheletsa ka mahlakoreng ’ohle, ’me kea tsamaea;O fothola tšepo ea ka feela joaloka sefate.
11 Bohale ba hae bo boetse boa ntukela,+O ntse a nkuka joaloka mohanyetsi oa hae.
12 Lihlopha tsa hae tsa masole li tla li kopane ’me li haha tsela ea tsona khahlanong le ’na,+Li hloma liahelo ho pota-pota tente ea ka.
13 O suthiselitse barab’eso hōle le ’na,+Ba ntsebang ba suthetse thōko le ’na.
14 Batho bao ke ba tloaetseng haholo ha ba eo,+Bao ke ba tsebang ba ntebetse,
15 Ba lulang ka tlung ea ka e le bajaki;+ ’me makhabunyane a ka a nkuka ke le osele;Ke fetohile molata oa sebele mahlong a ’ona.
16 Ke bitsitse mohlanka oa ka, empa ha a arabe.Ka molomo oa ka ke ntse ke mo kōpa qenehelo.
17 Moea oa ka o fetohile o nyonyehang ho mosali oa ka,+Ke fetohile ea nkhang hampe ho bara ba mpa ea ’Mè.
18 Bashanyana le bona ba ntahlile;+Ha ke re kea tsoha, ba qala ho bua khahlanong le ’na.
19 Banna bohle ba sehlopha sa metsoalle ea ka e haufi-ufi ba ntlhoile,+Bao ke neng ke ba rata ba mphetohetse.+
20 Masapo a ka a khomaretse+ letlalong la ka le nameng ea ka,Ke phonyoha ka letlalo la meno a ka.
21 Mpontšeng mohau, mpontšeng mohau, Lōna metsoalle+ ea ka,Etsoe letsoho la Molimo le nkamile.+
22 Ke hobane’ng ha le ntse le ntlhorisa joalokaha Molimo a ntlhorisa,+Le sa khotsofalle nama ea ka?
23 Joale hoja mantsoe a ka a ne a ngotsoe fatše!Hoja a ne a ngotsoe bukeng!
24 Ka pene+ ea tšepe le ka loto,Hoja a ne a betliloe ka ho sa feleng lefikeng!
25 Kea tseba hore molopolli+ oa ka oa phela,Le hore, ha a tla ka mor’a ka, o tla phahamela+ lerōle.
26 Ka mor’a letlalo la ka, leo ba le mumutseng,—sena!Le hoja ke fokola nameng ke tla bona Molimo,
27 Eo ke tla mo bona,+Le eo ka sebele mahlo a ka a tla mo bona, empa eseng osele.Liphio tsa ka li feletsoe ke matla ka hare ho ’na.
28 Etsoe le re, ‘Ke hobane’ng ha re ntse re mo hlorisa?’+Ha motso oa taba o fumanoa ho ’na.
29 Tšohang ka lebaka la sabole,+Etsoe sabole e bolela khalefo khahlanong le liphoso,E le hore le ka tseba hore ho na le moahloli.”+

