Jobo 22:1-30
22 Elifaze Motemane a araba a re:
2 “Na monna ea shahlileng a ka ba le thuso ho Molimo,+E le hore leha e le ofe ea nang le temohisiso a ka ba le thuso ho eena?
3 Na Ea Matla ’Ohle o thabisoa ke letho ka hore ebe u lokile,+Kapa o rua letho ka hore ebe u etsa hore tsela ea hao e be e sa tšoauoeng phoso?+
4 Na o tla u khalemela ka lebaka la tlhompho ea hao ea borapeli,Na o tla kena kahlolong le uena?+
5 Na bobe ba hao bo se bo ntse bo se bongata haholo,+Na liphoso tsa hao li ke ke tsa fela?
6 Etsoe u nka tebeletso ho barab’eno ntle ho lebaka,+U nka liaparo tsa batho ba hlobotseng.
7 Ha u fe ea khathetseng metsi hore a noe,U tima ea lapileng bohobe.+
8 Ha e le motho ea matla, naha ke ea hae,+Motho ea tšoaroang ka leeme o lula ho eona.
9 U itse bahlolohali ba tsamaee ba sa nka letho,Matsoho a bashanyana ba se nang bo-ntate a robakantsoe.+
10 Ke ka lebaka leo lifi tsa linonyana li u pota-potileng ka hohle,+’Me matšabeho a tšohanyetso a u tšoenyang;
11 Kapa lefifi, hoo u sa boneng,Moroallo o nyolohang oa metsi oa u koahela.
12 Na Molimo hase bophahamo ba leholimo?+Hape bona kakaretso e feletseng ea linaleli,+ hore li phahame.
13 Leha ho le joalo u itse: ‘Ha e le hantle Molimo o tseba’ng?Na a ka ahlola botšong bo boholo?
14 Maru ke sebaka seo a ipatang ho sona hoo a sa boneng,O tsamaea selika-likoeng sa leholimo.’
15 Na u tla ’ne u tsoele pele tseleng ea khaleEo batho ba kotsi ba e hatileng,
16 Batho ba hloibitsoeng pele ho nako ea bona,+Bao motheo+ oa bona o hoholoang joaloka nōka,
17 Ba reng ho Molimo oa ’nete: ‘Tloha ho rōna!+Ea Matla ’Ohle a ka finyella eng khahlanong le rōna?’
18 Empa leha ho le joalo o tlatsitse matlo a bona ka lintho tse molemo;+Merero ea ba khopo e hōle le ’na.+
19 Ba lokileng ba tla bona ’me ba thabe,+Ea hlokang molato o tla ba fetola litšeho:
20 ‘Kannete bahanyetsi ba rōna ba felisitsoe;Se setseng ho bona ka sebele mollo o tla se qeta.’
21 Ka kōpo, itloaetse eena, ’me u boloke khotso;Ka tsela eo u tla tleloa ke lintho tse molemo.
22 Ka kōpo, nka molao o tsoang molomong oa hae,U kenye lipolelo tsa hae ka pelong ea hao.+
23 Haeba u khutlela ho Ea Matla ’Ohle,+ u tla hahoa;Haeba u ka suthisetsa ho se loke hōle le tente ea hao,
24 Haeba ho behoa serafshoa sa bohlokoa lerōlengLe khauta ea Ofire+ lefikeng la liphula tsa melapo e phoroselang,
25 Ka sebele le Ea Matla ’Ohle o tla fetoha lirafshoa tsa hao tsa bohlokoa,A fetohe silevera, e ntle ka ho fetisisa, ho uena.+
26 Etsoe joale u tla fumana thabo e phethehileng+ ho Ea Matla ’Ohle,U tla phahamisetsa sefahleho sa hao ho Molimo.+
27 U tla etsa kōpo e tiileng ho eena, ’me o tla u utloa;+U tla phetha+ boitlamo ba hao.
28 U tla etsa qeto ka ho hong, ’me e tla ema e tiile ho uena;Ka sebele leseli le tla khantša litsela tsa hao.+
29 Etsoe ho tla ba le ho kokobetsoa ha u bua ka boikakaso;+Empa o tla pholosa ea nang le mahlo a soabileng.+
30 O tla pholosa motho ea hlokang molato,+Ka sebele u tla pholosoa ka lebaka la ho hloeka ha matsoho a hao.”+

