Jobo 12:1-25
12 Jobo a araba a re:
2 “Kannete ke lōna batho,Bohlale bo tla shoa+ le lōna!
3 Le ’na ke na le pelo+ joaloka lōna.Ha ke tlaasana ho lōna,+Ke mang eo ho se nang lintho tse joaloka tsee ho eena?
4 Ke fetoha motho eo e leng litšeho ho oa habo,+Ea hoeletsang ho Molimo e le hore a ka mo araba.+Ea lokileng, ea ke keng a tšoauoa phoso, oa tšehuoa.
5 Monahanong, ea se nang matšoenyeho o nyelisa pheliso;+E lokisetsoa ba maoto a tetemang.+
6 Litente tsa batlatlapi ha lia tšoenngoa,+Ba halefisang Molimo ba na le tšireletsehoEa ea tlisitseng molimo ka letsohong la hae.+
7 Leha ho le joalo, ka kōpo, botsa liphoofolo tse ruuoang, ’me li tla u rupela;+Le libōpuoa tse nang le mapheo tsa maholimo, ’me li tla u bolella.+
8 Kapa u bontše lefatše ho tšoenyeha ha hao, ’me le tla u rupela;+Litlhapi tsa leoatle+ li tla u bolella.
9 Ke efe har’a tsee tsohle e sa tsebeng hantleHore letsoho la Jehova le entse see,+
10 Eo moea+ oa e mong le e mong ea phelang o leng letsohong la haeLe moea oa nama eohle ea motho?+
11 Na tsebe ha e leke mantsoe+Joalokaha mahalapa+ a latsoa lijo?
12 Na ha ho na bohlale har’a ba hōlileng+Le kutloisiso boleleleng ba matsatsi?
13 Ho eena ho na le bohlale le matla;+O na le keletso le kutloisiso.+
14 Bona! Oa qhaqha, e le hore ho se ke ha hahuoa;+O etsa hore motho a koalloe, e le hore ho se ke ha buloa.+
15 Bona! O beha thibelo metsing ’me aa psha;+Oa a romela, ’me a fetola lefatše.+
16 Ho eena ho na le matla le bohlale+ bo sebetsang;Ea etsang phoso le ea khelosang+ ke oa hae;
17 O etsa hore baeletsi ba tsamaee ba sa roala letho maotong,+O etsa hore baahloli ba hlanye.
18 O lokolla litlamo tsa marena,+O a tlama ka mabanta thekeng.
19 O etsa hore baprista ba tsamaee ba sa roala letho maotong,+Ba lutseng ka ho sa feleng oa ba liha;+
20 O tlosa puo ho ba tšepahalang,O nka ho ba le kelello ha banna-baholo;
21 O tšollela nyeliso holim ’a bahlomphehi,+O fokolisa linyepa tsa ba matla;
22 O senola lintho tse tebileng lefifing,+O tlisa moriti o lefifi leseling;
23 O hōlisa lichaba, e le hore a ka li timetsa;+O hasanya lichaba, e le hore a ka li tlosa;
24 O tlosa lipelo tsa ba ka sehloohong ba batho ba naha,E le hore a ka ba lelerisa sebakeng se feela,+ moo ho se nang tsela.
25 Ba phopholetsa lefifing,+ moo ho se nang leseli,E le hore a ka ba lelerisa joaloka motho ea tahiloeng.+

