Jobo 1:1-22

1  Ho ne ho e-na le monna eo lebitso la hae e leng Jobo+ naheng ea Utse;+ monna eo o ne a sa tšoauoe phoso+ a bile a lokile,+ ’me a tšaba Molimo+ a bile a kheloha bobe.+  O ile a tsoalloa bara ba supileng le barali ba bararo.+  Liphoofolo tsa hae tse ruiloeng+ e ne e le linku tse likete tse supileng le likamele tse likete tse tharo le lipane tse makholo a mahlano tsa likhomo le liesele tse tšehali tse makholo a mahlano, hammoho le sehlopha se seholo haholo sa bahlanka; monna eo a ba moholo ka ho fetisisa ho baahi bohle ba Bochabela.+  Bara ba hae ba tsamaea ’me ba tšoara mokete+ ntlong ea e mong le e mong ka letsatsi la hae; ba romeletsa ’me ba mema likhaitseli tsa bona tse tharo hore li je le ho noa le bona.  E ne e re ha matsatsi a mokete a phethehile, Jobo o ne a romeletsa ’me a ba halaletsa;+ a tsoha hoseng haholo ’me a nyehela mahlabelo a secheso+ ho ea ka palo ea bona kaofela; etsoe, Jobo o ne a re, “mohlomong bara ba ka ba entse sebe ’me ba rohakile+ Molimo ka lipelong tsa bona.”+ Ke tsela eo Jobo a neng a etsa ka eona kamehla.+  Joale ea e-ba letsatsi leo ka lona bara ba Molimo oa ’nete+ ba kenang hore ba eme ka pel’a Jehova,+ eaba Satane+ le eena o kena har’a bona.+  Joale Jehova a re ho Satane: “U tsoa hokae?” Eaba Satane o araba Jehova ’me o re: “Ke tsoa solla lefatšeng+ le ho tsamaea ho lona.”+  Jehova a tsoela pele ho re ho Satane: “Na u behile pelo ea hao ho mohlanka oa ka Jobo, hore ha ho ea joaloka eena lefatšeng,+ monna ea sa tšoauoeng phoso+ le ea lokileng,+ ea tšabang Molimo+ le ea khelohang bobe?”+  Eaba Satane o araba Jehova ’me o re: “Na ke ha lefeela ha Jobo a tšaba Molimo?+ 10  Na ha ua hloma lekhoakhoa ho mo potoloha ka hohle+ le ho potoloha ntlo ea hae le ho potoloha ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona? U hlohonolofalitse+ mosebetsi oa matsoho a hae, ’me liphoofolo tsa hae tse ruiloeng li hasane hohle lefatšeng. 11  Empa, ho fapana le hoo, ka kōpo, otlolla letsoho, u ame ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.”+ 12  Tumellanong le hoo Jehova a re ho Satane: “Bona! Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona e letsohong la hao. U mpe u se ke ua otlolla letsoho la hao khahlanong le eena!” Kahoo Satane a tsoa ka pel’a sefahleho sa Jehova.+ 13  Joale ea e-ba letsatsi leo ka lona bara ba hae le barali ba hae ba neng ba ja ’me ba noa veine ka tlung ea mor’abo bona oa letsibolo.+ 14  Lenģosa+ la fihla ho Jobo, la re: “Likhomo li ne li lema+ ’me liesele tse tšehali li ne li fula ka thōko ho tsona 15  ha Basabea+ ba futuha ’me ba li nka, eaba ba bolaea bahlanka ka bohale ba sabole; ke phonyohile ke le mong, hore ke tl’o u bolella.”+ 16  Ha lena le sa ntse le bua le leng la fihla ’me la re: “Mollo oa Molimo o oele leholimong+ ’me oa qala ho chesa linku le bahlanka le ho ba qeta; ke phonyohile ke le mong, hore ke tl’o u bolella.” 17  Ha leo le sa ntse le bua le leng la fihla ’me la re: “Bakalde+ ba ile ba etsa lihlopha tse tharo ’me ba potlakela likameleng ba li nka, eaba ba bolaea bahlanka ka bohale ba sabole; ke phonyohile ke le mong, hore ke tl’o u bolella.” 18  Ha lena le leng le sa ntse le bua, le leng hape la fihla ’me la re: “Bara ba hao le barali ba hao ba ne ba ja ’me ba noa veine+ ka tlung ea mor’abo bona oa letsibolo. 19  Bona! ha tla moea o moholo+ o tsoang sebakeng sa lefeella, eaba o otla likhutlo tse ’nè tsa ntlo, hoo e ileng ea oela bacha bao holimo ’me ba shoa. Ke phonyohile ke le mong, hore ke tl’o u bolella.” 20  Jobo a ema a hahola+ seaparo sa hae se se nang matsoho ’me a ikuta moriri+ eaba o itihela fatše+ oa inama+ 21  ’me o re:“Ke tsoile ka mpeng+ ea ’Mè ke le feela,Ke tla khutlela teng+ ke le feela.Jehova o fane,+ ’me Jehova o nkile.+Lebitso la Jehova le ke le tsoele pele ho bokoa.”+ 22  Ho sena sohle Jobo ha aa ka a etsa sebe kapa a beha Molimo molato ka ntho leha e le efe e sa tšoanelang.+

Linaletsana