Jobo 36:1-33
36 Elihu a eketsa ka ho re:
2 “’Mamelle ka nakoana, ’me ke tla u bolellaHore ho sa ntse ho e-na le mantsoe a tla buuoa bakeng sa Molimo.
3 Ke tla tlisa tsebo ea ka e tsoa hōle,Ke tla isa ho loka+ ho Moetsi oa ka.
4 Etsoe kannete mantsoe a ka hase leshano;Ea phethahetseng tsebong+ o na le uena.
5 Bona! Molimo o matla+ ’me a ke ke a lahla;O tletse bonatla matleng a pelo;
6 A ke ke a boloka mang kapa mang ea khopo a phela,+Empa o tla fana ka kahlolo ea ba hlorileng.+
7 A ke ke a tlosa mahlo a hae ho mang kapa mang ea lokileng;+Esita le marena literoneng+—O tla boela a a lulisa ka ho sa feleng, ’me a tla phahama.
8 Haeba a tlanngoe ka litlamo,+A haptjoa ka liropo tsa mahloreho.
9 Joale o tla a bolella ka tsela eo a sebetsang ka eonaLe litlōlo tsa ’ona, kahobane aa iphahamisa.
10 O tla bula litsebe tsa ’ona hore li utloe keletso,+O tla re a furalle se kotsi.+
11 Haeba a mamela ’me a sebeletsa,A tla phetha matsatsi a ’ona ho se molemoA phethe lilemo tsa ’ona ka thabo.+
12 Empa haeba a sa mamele, a tla timetsoa+ ke lerumo,+A tla shoa ntle ho tsebo.
13 Ba lipelo li koenehileng ba tla bokella bohale.+Ha baa lokela ho hoeletsa ho kōpa thuso kahobane o ba tlamile.
14 Meea ea bona e tla shoa e sa le bocheng,+Bophelo ba bona bo shoelle har’a matekatse a banna a tempele.+
15 O tla pholosa ea hlorileng mahlorehong a hae,O tla bula litsebe tsa bona khatellong.
16 Ka sebele o tla boela a u hoka-hoke molomong oa mahlomola!+Sebaka se pharaletseng haholo,+ eseng se petetsaneng, se tla ba sebakeng sa oona,Matšeliso a tafole ea hao a tla tlala monono.+
17 Ka sebele u tla tlala kahlolo ea boahloli ho ea khopo;+Kahlolo ea boahloli le toka li tla itsetsepela.
18 Hlokomela hore khalefo+ e se ke ea u hoka-hoka hore u ope liatla ka ho nyefola,Thekollo+ e khōlō e se ke ea u khelosa.
19 Na mohoo oa hao o kōpang thuso o tla ba le tšusumetso?+ Che, leha e le hore mahlomolengBoiteko bohle ba hao bo matla+ bo tla ba le tšusumetso.
20 U se ke ua labalabela bosiu,Hore lichaba li ikhule moo li leng teng.
21 Itebele hore u se ke ua retelehela ho se kotsi,+Etsoe u khethile sena ho e-na le mahloreho.+
22 Bona! Molimo o sebetsa ka mokhoa o phahameng ka matla a hae;Ke morupeli ofe ea tšoanang le eena?
23 Ke mang ea batlileng boikarabello ba tsela ea hae khahlanong le eena,+Ke mang ea itseng, ‘U entse ho se loke’?+
24 Hopola hore u lokela ho tlotlisa mosebetsi+ oa haeOo batho ba binneng ka oona.+
25 Moloko oohle oa batho o o talimile;Motho ea shoang o ntse a talima a le hōle.+
26 Bona! Molimo o phahame ho feta kamoo re ka tsebang;+Lilemo tsa hae li ke ke tsa phenngoa ka palo.+
27 Etsoe o hula marotholi a metsi;+A rotha e le pula bakeng sa moholi oa hae,
28 Hoo maru a rothang,+A rothela holim ’a moloko oa batho ka bongata.
29 Ke mang ea ka utloisisang maru a kolohaneng,Lialuma tse tsoang lephepheng la hae?+
30 Bona! O alile leseli la hae holim ’a ’ona,+O koahetse metso ea leoatle.
31 Etsoe ka ’ona o buella nyeoe ea lichaba;+O fana ka lijo ka bongata.+
32 O koahetse lehalima ka matsoho a hae,O le laela khahlanong le mohlaseli.+
33 Ho luma+ ha hae ho bua ka eena,Le liphoofolo tse ruiloeng li bua malebana le ea tlang.

