Jobo 20:1-29
20 Tsofare Monaama a araba a re:
2 “Ka hona menahano ea ka e hlokisang botsitso e ke e nkarabe,Ka lebaka la ho feha ha ka matšoafo ka hare.
3 Ke utloa keletso e nthohakang;Moea o se nang kutloisiso eo ke nang le eona oa nkaraba.
4 Na u tsebile ntho ee ka linako tsohle,Ho tloha ha motho a behoa holim ’a lefatše,+
5 Hore mohoo oa thabo oa batho ba khopo o mokhutšoanyane+Thabo ea mokoenehi ke ea motsotsoana?
6 Le hoja bokhabane ba hae bo hlomphehang bo nyolohela leholimong+Hlooho ea hae e fihla marung,
7 O timela ka ho sa feleng joaloka moiteli oa hae;+Ba mo bonang ba tla re, ‘O hokae?’+
8 O tla fofa joaloka toro, ’me ba ke ke ba mo fumana;O tla lelekoa joaloka pono ea bosiu.+
9 Leihlo le mo boneng le ke ke la etsa joalo hape,+Sebaka sa hae ha se sa tla hlola se mo bona.+
10 Bara ba hae ba tla batla kamohelo ea batho ba tlaase,Matsoho a hae a tla khutlisa lintho tsa hae tsa bohlokoa.+
11 Masapo a hae a tletse mahlahahlaha a hae a bocha,Empa a tla robala le eena lerōleng.+
12 Haeba se sebe se latsoeha hamonate molomong oa hae,Haeba a etsa hore se nyamele ka tlas’a leleme la hae,
13 Haeba a se bontša qenehelo ’me a sa se tlohele,Haeba a ntse a se bolokile mahalapeng a hae,
14 Ka sebele lijo tsa hae li tla fetoha ka maleng a hae;E tla ba nyooko ea bo-masumu ka hare ho eena.
15 O metsitse leruo, empa o tla le hlatsa;Molimo o tla le leleka ka mpeng ea hae.
16 O tla monya mahloko a bo-masumu;Leleme la marabe le tla mo bolaea.+
17 Le ka mohla a ke ke a bona melatsoana,+Melapo e phoroselang ea mahe a linotši le sereleli.
18 O tla khutlisa thepa eo a iphumanetseng eona ’me a ke ke a e metsa;Joaloka leruo le tsoang khoebong ea hae, empa leo a ke keng a le thabela.+
19 Etsoe o silakantse, o tlohetse ba tlaase;O hloibitse ntlo eo a sa kang a e haha.+
20 Etsoe ka sebele a ke ke a tseba boiketlo ka mpeng ea hae;Ka lintho tsa hae tse lakatsehang a ke ke a phonyoha.+
21 Ha ho letho le setseng hore a le harole;Ke ka lebaka leo boiketlo ba hae bo ke keng ba tsoela pele.
22 Ha bongata ba lintho tsa hae bo ntse bo le tlhōrōng o tla ikutloa a tšoenyehile;+Matla ’ohle a tsietsi a tla tla khahlanong le eena.
23 Ho ke ho etsahale hore, e le ho khorisa mpa ea hae,A mo romele bohale ba hae bo tukang+A mo nesetse bona, ka maleng.
24 O tla baleha+ lihlomo tsa tšepe;Seqha sa koporo se tla mo hlaba.
25 Lerumo le tla phunyeletsa mokokotlong oa hae,Sebetsa se phatsimang se phunyeletse nyookong+ ea hae;Lintho tse tšosang li tla ea khahlanong le eena.+
26 Lefifi lohle le tla bolokeloa lintho tsa hae tseo e leng letlotlo;Mollo oo ho seng motho ea o butsoetseng o tla mo qeta;+Lintho li tla tsamaela mophonyohi hampe ka tenteng ea hae.
27 Leholimo le tla senola phoso ea hae,+Lefatše le tla mo fetohela.
28 Sekhohola se tla hohola ntlo ea hae;Ho tla ba le lintho tse tšolloang letsatsing la bohale+ ba hae.
29 Ena ke kabelo ea motho ea khopo e tsoang ho Molimo,+Esita le lefa la hae le boletsoeng le tsoang ho Molimo.”

