Jobo 3:1-26

3  Ke ka mor’a sena Jobo a ileng a ahlamisa molomo ’me a qala ho rohaka letsatsi la hae.+  Joale Jobo a araba ’me a re:   “Letsatsi leo ke ileng ka tsoaloa+ ka lona le ke le timele,Le bosiu boo ka bona e mong a ileng a re, ‘Ho emotsoe monna ea shahlileng!’   Ha e le letsatsi leo, e ke e be lefifi.Molimo a se ke a le batla a le holimo,Kapa khanya e se ke ea le khantšetsa.   Botšo le moriti o lefifi li le nke.Leru la pula le lule holim ’a lona.Lintho tse fifatsang letsatsi li ke li le tšose.+   Bosiu boo—bo ke bo nkoe ke botšo;+Bo se ke ba ikutloa bo nyakaletse har’a matsatsi a selemo;Bo se ke ba kena palong ea likhoeli.   Bonang! Bosiu boo—bo ke bo fetohe bo se nang thuso;Mohoo oa thabo o se ke oa ba teng ka bona.+   Ba rohakang letsatsi ba ke ba bo rohake,Ba itokiselitseng ho tsosa Leviathane.+   Linaleli tsa meso ea bona li ke li fifale;Bo ke bo letele leseli ’me le se ke la e-ba teng;Bo se ke ba bona mahlaseli a mafube. 10  Etsoe ha boa ka ba koala mamati a mpa+ ea ’Mè,Kahoo bo patele mahlo a ka khathatso. 11  Ke hobane’ng ha ke sa ka ka shoa ha ke tsoa ka pōpelong?+Ke hobane’ng ha ke sa ka ka tsoa ka pōpelong ebe kea shoa? 12  Ke hobane’ng ha mangole a ile a nkamohela,Ke hobane’ng ha matsoele+ a ile a nkamohela e le hore nka anya? 13  Etsoe joale nka be ke robetse e le hore ke se ke ka khathatsoa;+Nka be ke robetse nakong eo; nka be ke phomotse+ 14  Hammoho le marena le baeletsi ba lefatše,+Ba ikahelang masupi,+ 15  Kapa hammoho le likhosana tse nang le khauta,Tse tlatsang matlo a tsona ka silevera; 16  Kapa, joaloka mpa e senyehileng+ e patehileng, nka be ke sa ka ka ba teng,Joaloka bana ba sa kang ba bona leseli.+ 17  Ba khopo ba tlohetse pherekano moo,+Ba feletsoeng ke matla ba phomotse moo.+ 18  Batšoaruoa ba lutse hammoho ka boiketlo;Ha e le hantle ha ba utloe lentsoe la ea ba qobellang ho sebetsa.+ 19  Ba banyenyane le ba baholo ba moo ka ho tšoanang,+Lekhoba le lokolotsoe ho mong’a lona. 20  Ke hobane’ng ha a fa ea khathatsong leseli,A fa bao meea ea bona e utloileng bohloko bophelo?+ 21  Ke hobane’ng ha ho e-na le ba letetseng lefu, ’me le le sieo,+Le hoja ba ntse ba le cheka ho feta ha ba cheka matlotlo a patiloeng? 22  Ba thabang ka nyakallo e fetisisang,Ba thaba kahobane ba fumana sebaka sa lepato. 23  [Ke hobane’ng ha a fa] monna ea shahlileng [leseli], eo tsela ea hae e patehileng,+Le eo Molimo a mo etsetsang lekhoakhoa?+ 24  Etsoe ho feheloa ha ka ho tla pele ho lijo tsa ka,+Sello sa ho lumaela ha ka se tšoloha joaloka metsi;+ 25  Kahobane ke tšabile ntho e tšabehang, ’me e nkoela holimo;Seo ke se tšohileng se tla ho ’na.+ 26  Ha kea lula ke se na matšoenyeho, kapa hona hore ke lutse ke sa khathatsoe,Hape ha kea phomola, leha ho le joalo pherekano ea tla.”

Linaletsana