Jobo 3:1-26

  • Jobo o bitsetsa letsatsi leo a hlahileng ka lona bomalimabe (1-26)

    • Oa botsa hore na ke hobane’ng ha a utloa bohloko (20, 21)

3  Ka mor’a lintho tsena Jobo a qala ho bua eaba o bitsetsa letsatsi leo a hlahileng ka lona bomalimabe.*+  A re:   “Ekare letsatsi leo ke hlahileng ka lona le ka be le sa chaba,+Hape ho sa fihla le bosiu boo motho a ileng a re, ‘Ho hlahile ngoana oa moshanyana.’   Letsatsi leo e ke e be lefifi. Molimo ea holimo a se ke a le tsotella,Ho hang le se ke la ba le khanya.   Le ke le apareloe ke lefifi le letšo.* Leru la pula le ke le lule holim’a lona. Ntho leha e le efe e fifatsang letsatsi e ke e le tšose.   Bosiu boo bo ke bo apareloe ke lefifi le letšo-letšo,+Le ka mohla bo se ke ba thaba har’a matsatsi ’ohle a selemo. Bo se ke ba balelloa har’a matsatsi a likhoeli.   Ho ne ho ka ba molemo ha ho ne ho se na motho ea hlahileng bosiung boo,Le mohoo oa thabo o sa utloahala bosiung boo.   Ba bitsetsang matsatsi bomalimabe ba ke ba bitsetse bosiu boo bomalimabeE leng ba khonang ho tsosa Leviathane.*+   Linaleli tsa bona tsa meso li ke li fifale,Bo ke bo letele khanya ea letsatsi empa e se ke ea fihla,Bo se ke ba bona mahlaseli a meso. 10  Kaha ha boa ka ba koala mamati a popelo ea ’mè+Kapa ba etsa hore ke se ke ka bona mathata. 11  Ke hobane’ng ha ke sa shoa ha ke hlaha? Ke hobane’ng ha ke sa shoa ha ke tsoa ka popelong?+ 12  Ke hobane’ng ha ho bile le mangole a nkamohelangLe matsoele a ’nyantšang? 13  Hona joale nkabe ke paqame ho se motho ea ntšoenyang,+Ke ithobaletse ke phomotse+ 14  Hammoho le marena a lefatše le baeletsi ba ’ona,Ba ikahetseng libaka tseo hona joale li senyehileng, 15  Kapa le likhosana tse neng li e-na le khauta,Tseo matlo a tsona a neng a tletse silevera. 16  Kapa ke hobane’ng ha ke sa ba joaloka mpa e senyehileng e patehileng,Joaloka bana ba sa kang ba bona khanya? 17  Sebakeng seo, ba khopo ha ba khone ho etsa letho,Le ba imetsoeng ba phomotse.+ 18  Batšoaruoa ba lutse ka khotso hammoho moo,Ha ba utloe lentsoe la ea ba qobellang ho sebetsa. 19  Moo, ha ho na motho e moholo kapa e monyenyane,+Le lekhoba le lokollotsoe ho mong’a lona. 20  Ke hobane’ng ha a fa motho ea nang le mathata khanya,A lumella le batho ba utloileng bohloko hore ba phele?+ 21  Ke hobane’ng ha ba nyoretsoe lefu empa le sa tle?+Ba le cheka ho feta matlotlo a patiloeng, 22  Ba thaba haholo,Ba thabela ho fumana sebaka sa lepato. 23  Ke hobane’ng ha Molimo a fa monna ea lahlehileng khanya,Eo a mo etselitseng lebota leo a ke keng a khona ho tsoa ka har’a lona?+ 24  Ha ke lokela ho ja kea feheloa,+Ho lumaela ha ka+ ho utloahala joaloka metsi a phallang. 25  Ntho eo ke neng ke e tšaba e tlile ho ’na,Le ntho e ntšosang e fihlile. 26  Ha ke e-s’o be le khotso, khutso le phomoloEmpa mathata a tla a ntse a latellana.”

Linaletsana

Ka Seheberu: “rohaka letsatsi la hae.”
Kapa: “lefifi le moriti oa lefu.”
Ho utloahala ho buuoa ka koena kapa phoofolo e ’ngoe e kholo e matla e lulang metsing.