Jobo 9:1-35
9 Jobo a re:
2 “Kea tseba hore lintho tseo ke ’nete.
Empa motho a ka ipolela joang hore o lokile ka pel’a Molimo?+
3 Haeba motho a ka batla ho phehisana le Molimo,*+A ke ke a khona ho araba le potso leha e le ’ngoe ho tse sekete tseo a tla mo botsa tsona.
4 O bohlale ebile o matla haholo.+
Ke mang ea ka lekang ho loana le eena ebe ha a lemale?+
5 O suthisa* lithaba ho se motho ea tsebang,O li phethola ka bohale ba hae.
6 O sisinya lefatše,Hoo lipilara tsa lona li thothomelang.+
7 O bolella letsatsi hore le se ke la khanya,’Me o pata khanya ea linaleli.+
8 O otlolla maholimo,+’Me o hata holim’a maqhubu a maholo a leoatle.+
9 O entse sehlopha sa linaleli sa Ashe,* Kesile,* Kima*+Hammoho le sehlopha sa linaleli tse ka boroa.*
10 O etsa lintho tse kholo le tse ke keng tsa batlisisoa,+Lintho tse hlollang tse se nang palo.+
11 O feta pel’a ka empa ha ke mo bone,O feta haufi le ’na empa ha ke mo hlokomele.
12 Ha a nka ntho e itseng, ke mang ea ka mo thibang?
Ke mang ea ka reng ho eena, ‘U etsa’ng?’+
13 Molimo a ke ke a thiba khalefo ea hae,+Le ba thusang Rahaba*+ ba tla mo inamela.
14 Joale ’na nka mo araba joang,Na ha kea lokela ho khetha mantsoe a ka ha ke phehisana le eena?
15 Le haeba ke nepile ke ne nke ke ka mo araba.+
Ke ne ke tla kopa feela hore moahloli oa ka* a nkhauhele.
16 Haeba ke mo hoeletsa, na o tla nkaraba?
Ha ke lumele hore o tla mamela lentsoe la ka,
17 Kaha o ntematsa ka sefefoEbile o eketsa maqeba a ka ntle ho lebaka.+
18 Ha a ntumelle le hore ke heme,O lula a ntlisetsa lintho tse bohloko.
19 Ha ho buuoa ka matla, ke eena ea matla.+
Ha ho buuoa ka toka, o re, ‘Ke mang ea ka nqosang?’*
20 Haeba ke ne ke nepile, molomo oa ka o ne o tla hana,Le haeba nka lula ke tšepahala,* o tla re ke molato.*
21 Le haeba nka lula ke tšepahala,* ha ke itšepe,*Ke hloile* bophelo ba ka.
22 Hoa itšoanela. Ke ka lebaka leo ke reng,‘O felisa ea se nang molato* le ea khopo ka tsela e tšoanang.’
23 Haeba moroallo o matla o ka bolaea batho ka tšohanyetso,O ne a tla soma ba se nang molato ha ba utloa bohloko.
24 O file batho ba khopo lefatše,+O koahela mahlo* a baahloli ba lona.
Haeba ha se eena ea etsang sena, joale ke mang?
25 Matsatsi a ka a matha ho feta semathi,+A matha ntle le hore ke bone se molemo.
26 A tsamaile joaloka likepe tsa lehlaka,Joaloka lintsu tse fofelang tlase ho liphofu tsa tsona.
27 Haeba ke re, ‘Ke tla lebala bohloko ba ka,Ke tla tlohela ho koata ’me ke thabe,’
28 Ke ne ke tla ’ne ke tšohe ka lebaka la lintho tsohle tse bohloko tse ntlhahelang,+’Me kea tseba hore u ne u tla re ke molato.
29 Ho ne ho tla thoe ke molato.*
Ke hobane’ng ha ke lokela ho sehlela lefeela?+
30 Haeba nka itlhatsoa ka metsi a lehloa,’Me ka hloekisa matsoho a ka ka sesepa,*+
31 U ne u tla ntahlela ka sekoting,Hoo le liaparo tsa ka li neng li tla ntlhoea.
32 Molimo ha se motho ea tšoanang le ’na hore nka mo araba,Le hore nka mo isa khotla.+
33 Ha ho motho ea ka etsang qeto* pakeng tsa rona,Le eo e ka bang moahloli* oa rona.
34 Ha a ka tlohela ho nkotla*Le ho ntlisetsa lintho tse ntšosang,+
35 Ke ne ke tla bua le eena ke sa tšoha,Kaha ha ke khone ho bua ha ke tšohile.
Linaletsana
^ Kapa: “ho mo isa khotla.”
^ Kapa: “tlosa.”
^ Mohlomong ke sehlopha sa linaleli sa Bere e Kholo (Ursa Major).
^ Ka Seheberu: “likamore tse ka hare tsa boroa.”
^ Mohlomong ke linaleli tsa Selemela tse ka har’a sehlopha sa linaleli sa Tauruse.
^ Mohlomong ke sehlopha sa linaleli sa Makolobe (Orion).
^ Mohlomong phoofolo e kholo-kholo ea leoatleng.
^ Kapa mohlomong: “ea nkhanyetsang molaong.”
^ Ka Seheberu: “ea ka mpitsang?”
^ Kapa: “Le haeba ke se na molato.”
^ Ka Seheberu: “molotsana.”
^ Kapa: “Le haeba ke se na molato.”
^ Kapa: “ha ke itsebe.”
^ Kapa: “Ke latola; ha ke batle.”
^ Kapa: “ba lulang ba tšepahala.”
^ Ka Seheberu: “lifahleho.”
^ Ka Seheberu: “khopo.”
^ Kapa: “mofuta oa sesepa se entsoeng ka molora.”
^ Kapa: “Ha ho na mokena-lipakeng.”
^ Ka Seheberu: “Le ea ka behang letsoho la hae holim’a rona.”
^ Ka Seheberu: “a tlosa molamu oa hae holim’a ka.”

