Jobo 5:1-27

  • Elifaze o tsoela pele ho bua (1-27)

    • ‘Molimo o tšoara ba bohlale mererong ea bona e mebe’ (13)

    • ‘Jobo a se ke a hana khalemelo ea Molimo’ (17)

5  Hoeletsa u kope thuso, na ho na le ea u arabang? Har’a mangeloi a halalelang u tla kopa thuso ho lefe?  2  Leoatla le tla bolaoa ke khalefo ea lona’Me mohono o tla bolaea motho ea lumelang ntho e ’ngoe le e ’ngoe habonolo.  3  Ke bone leoatla le mela ka metsoEmpa ka tšohanyetso sebaka sa lona sa bolulo se ile sa oeloa ke bomalimabe.  4  Bara ba lona ha baa sireletseha,Baa tlotlolloa keiting ea motse+ ’me ha ho na motho ea ba pholosang.  5  Ea lapileng o ja seo a se kotutseng,O boetse o kotula le se hlahileng har’a meutloa’Me lintho tsa hae lia nkuoa.  6  Lintho tse kotsi ha li hlahe lerolengLe mathata ha a hlahe mobung.  7  Motho o tsoaletsoe ho ba le mathataFeela joalokaha litlhase li fofela holimo.  8  Empa ha ke ne ke le uena, ke ne ke tla kopa thuso ho MolimoEbile ke ne ke tla hlahisa nyeoe ea ka ho eena,  9  Ho ea etsang lintho tse kholo le tse ke keng tsa batlisisoa,Lintho tse hlollang tse se nang palo. 10  O fana ka pula lefatšeng’Me o romela metsi masimong. 11  O phahamisa ea tlase,Hape o pholosa ea utloileng bohloko. 12  O senya merero ea ba bolotsana,E le hore mosebetsi oa matsoho a bona o se ke oa atleha. 13  O tšoara ba bohlale mererong ea bona e mebe+E le hore merero ea bona e senyehe. 14  Ba potolohiloe ke lefifi motšehare,’Me har’a mpa motšehare ba phopholetsa joalokaha eka ke bosiu. 15  O pholosa mofutsana mantsoeng a hlabang a lira tsa hae,A mo pholose letsohong la ea matla, 16  E le hore ea tlase a be le tšepo,Empa molomo oa ea sa lokang o koalehe. 17  Ho thaba motho eo Molimo a mo khalemelang,Kahoo, u se ke oa hana khalemelo ea Ea Matla ’Ohle. 18  Kaha o etsa hore motho a utloe bohloko, a boele a tlamise leqeba,Oa lematsa, a boele a folise ka matsoho a hae. 19  O tla u pholosa mathateng a tšeletseng,Le bothata ba bosupa bo ke ke ba u lematsa. 20  Nakong ea tlala o tla u lopolla lefung,A u lopolle matleng a sabole nakong ea ntoa. 21  U tla sireletsoa mantsoeng a hlabang,+U ke ke oa tšoha ha tlokotsi e tla. 22  U tla tšeha tlokotsi le tlala,’Me u ke ke oa tšoha libata tsa naha. 23  Majoe a tšimong ea hao a ke ke a u lematsa,*Le libata tsa naha li tla ba le khotso le uena. 24  U tla thabela ho lula ka tenteng ea hao e sireletsehileng,*Ha u e’o sheba liphoofolo tsa hao, u tla fumana ho se na e lahlehileng. 25  U tla ba le bana ba bangataLitloholo tsa hao li tla ba ngata joaloka limela tsa naha. 26  U tla ea lebitleng u ntse u le matla,Joaloka koro e tlanngoeng mangata e kotutsoeng ka nako ea eona. 27  Re hlahlobile taba ena ’me ra fumana hore e joalo. E mamele u be u e amohele.”

Linaletsana

^ Kapa: “a tla etsa selekane (tumellano) le uena.”
^ Ka Seheberu: “ka khotso.”