Jobo 7:1-21

  • Jobo o tsoela pele ho bua (1-21)

    • Bophelo bo tšoana le mosebetsi o thata (1, 2)

    • “Ke hobane’ng ha u shebane le ’na?” (20)

7  Na motho o etselitsoe hore a sebetse ka thata bophelo bohle ba hae,Hape na matsatsi a hae a joaloka a mosebeletsi ea hiriloeng?+   O batla moriti joaloka lekhoba,’Me o emela moputso oa hae joaloka mosebeletsi ea hiriloeng.+   Ke ka lebaka leo ke filoeng likhoeli tse se nang thuso,Le masiu a tletseng matšoenyeho.+   Ha ke robala kea ipotsa ke re, ‘Ebe ke tla tsoha neng?’+ Ha bosiu bo lieha ho sa, ha ke khone ho robala ho fihlela hoseng.*   ’Mele oa ka o tletse liboko le mobu,+Letlalo la ka le tletse likhoo* le bolalu.+   Matsatsi a ka a feta kapele joaloka nalete ea motho ea rokang,+Aa feta ’me a ntšiea ke se na tšepo.+   Hopola hore bophelo ba ka bo bokhutšoanyane,*+Le hore le ka mohla mahlo a ka a ke ke a hlola a bona se molemo.   Ea mponang hona joale ha a sa tla hlola a mpona,O tla mpatla empa ke tla be ke le sieo.+   Joaloka leru le felang le le nyamelang,Motho ea eang Lebitleng* ha a khutle.+ 10  Ha a sa tla hlola a khutlela ka tlung ea hae,Batho ba sebakeng seo a neng a lula ho sona ba tla mo lebala.+ 11  Ka lebaka leo, nke ke ka thiba molomo oa ka. Ke tla bua ka lebaka la bohloko boo ke bo utloang pelong ea ka,Ke tla tletleba matšoenyehong a ka.+ 12  Na ’na ke leoatle kapa ke phoofolo e kholohali ea leoatle,Hoo u lokelang ho beha motho ea nkatileng? 13  Ha ke re, ‘Setulo sa ka se tla ntšelisa,Bethe ea ka e tla nthusa ho kokobetsa mathata a ka,’ 14  Ke ha u ntšosa ka litoroLe ka lipono, 15  E le hore ke khethe ho bipetsana,Ke khethe lefu ho e-na le ho phela ka tsela ena.*+ 16  Ke hloile bophelo ba ka,+ ha ke sa batla ho phela. Ntlohele hobane matsatsi a ka a feta kapele joaloka moea oo re o hemang.+ 17  Motho e ne e boetse e le eng hore u tšoenyehe ka eena,Le hore u amehe ka eena?+ 18  Ke hobane’ng ha u mo hlahloba hoseng ho hong le ho hong,Le ho mo leka motsotso o mong le o mong?+ 19  Ke hobane’ng ha u sa khaotse ho ncheba,U ke u mphe nako ea hore nke ke koenye mathe?+ 20  Haeba ke entse sebe, ke u utloisitse bohloko ka’ng uena Ea Bonang lintho tsohle tseo batho ba li etsang?+ Ke hobane’ng ha u shebane le ’na? Na ke se ke le moroalo ho uena? 21  Ke hobane’ng ha u sa ntšoarele’Me u hlakole phoso ea ka? Kaha haufinyane ke tla robala leroleng,+U tla mpatla empa ke tla be ke le sieo.”

Linaletsana

Kapa: “ho fihlela mesong.”
Ke nama e omeletseng e hlahang ha leqeba le fola.
Kapa: “bo tšoana le moea.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ho e-na le masapo a ka.”