Jobo 25:1-6

  • Bildade o bua ka lekhetlo la boraro (1-6)

    • ‘Na motho e ka ba ea lokileng ho Molimo?’ (4)

    • O re botšepehi ba motho ha bo na thuso (5, 6)

25  Bildade+ oa Moshuha a re:  2  “Molimo ke ’musi ebile o na le matla a maholo. O etsa hore ho be le khotso leholimong.*  3  Na lihlopha tsa hae tsa masole li na le palo? Ke bo-mang bao khanya ea hae e sa ba khantšetseng?  4  Na motho e ka ba ea lokileng ho Molimo+Kapa na motho ea tsoetsoeng ke mosali a ka hloka molato?*+  5  Molimo ha a bone khoeli e khanyaLe linaleli ha lia hloeka mahlong a hae.  6  Ho joalo le ka motho eo e leng tšenyane*Le mor’a motho eo e leng seboko.”

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “bophahamong ba hae.”
^ Kapa: “e ka ba ea hloekileng.”
^ Malinyane a lintsintsi ao e sa ntseng e le liboko.